-
Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
-
-
4 Ho hlokahala hore motho a sebetse ka thata ho etsa hore serapa sa morara se hlahise litholoana. Esaia o hlalosa hore mong’a sona ‘o lema naha le ho tlosa majoe ho eona’—e leng mosebetsi o tepeletsang, o khathatsang! Mohlomong o sebelisa majoe a maholoanyane ho “haha tora.” Mehleng ea boholo-holo litora tse joalo e ne e le libaka tsa balebeli ba neng ba lebela lijalo khahlanong le liphoofolo le masholu.a Hape, o haha lerako la majoe ho etsa makorota a serapa sa morara. (Esaia 5:5) Hangata sena se ne se etsoa ho thibela khoholeho ea mobu oa bohlokoa o ka holimo.
-
-
Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
-
-
6, 7. (a) Mong’a serapa sa morara ke mang, hona serapa sa morara ke’ng? (b) Mong’a sona o kōpa kahlolo efe?
6 Mong’a sona ke mang, hona serapa see sa morara ke’ng? Mong’a serapa sena sa morara o arabela lipotso tsena ha eena ka boeena a bua: “Joale, Lōna baahi ba Jerusalema le lōna banna ba Juda, ka kōpo ahlolang pakeng tsa ka le serapa sa ka sa morara. Ho sa ntse ho e-na le eng e ka etsoang serapeng sa ka sa morara eo ke sa e etsang ho sona? Ke hobane’ng ha ke ne ke lebeletse hore se hlahise morara, empa qetellong se hlahisitse morara oa naha? Joale, ka kōpo a nke ke le tsebise seo ke tla se etsa serapeng sa ka sa morara: Lekhoakhoa la sona le tla tlosoa, ’me se reretsoe ho chesoa. Lerako la sona la majoe le tla heletsoa, ’me se reretsoe ho ba sebaka sa ho hatakeloa.”—Esaia 5:3-5.
-
-
Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
-
-
9. Ke ka tsela efe Jehova a tšoereng sechaba sa hae joaloka serapa sa morara sa bohlokoahali?
9 Jehova o ile a ‘hloma’ sechaba sa hae naheng ea Kanana ’me a se fa melao ea hae le litaelo, tse neng li sebeletsa e le lerako le se sireletsang hore se se ke sa silafatsoa ke lichaba tse ling. (Exoda 19:5, 6; Pesaleme ea 147:19, 20; Baefese 2:14) Ho feta moo, Jehova o ile a se fa baahloli, baprista le baprofeta hore ba se rupele. (2 Marena 17:13; Malakia 2:7; Liketso 13:20) Ha Iseraele e ne e sokeloa ka tlhaselo ea sesole, Jehova o ne a hlahisa bapholosi. (Baheberu 11:32, 33) Ka lebaka le utloahalang, Jehova oa botsa: “Ho sa ntse ho e-na le eng e ka etsoang serapeng sa ka sa morara eo ke sa e etsang ho sona?”
-