Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLILOENG
  • MEETINGS
  • Buka ea Bibele ea 15—Esdrase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 8. Hlalosa letoto la liketsahalo tse lebisang bofelong ba ho etsoa ha naha lesupi ka lilemo tse 70.

      8 Masala aa khutla (1:1–3:6). Cyruse morena oa Persia, a tsositsoe molota ke Jehova, o ntša taelo ea hore Bajode ba khutle ba e’o haha ntlo ea Jehova Jerusalema. O phehella Bajode ba ka ’nang ba sala Babylona hore ba ntše menehelo ka seatla se bulehileng mosebetsing oo ’me o lokisetsa hore Bajode ba khutlang ba khutlise lintho tse neng li sebelisoa tempeleng ea pele. Moeta-pele oa moloko oa borena oa Juda eo e bileng e leng setloholo sa Morena Davida, Zorobabele (Sheshebatsare), o abeloa ho ba ’musisi le ho etella ba lokollotsoeng pele, ’me Jeshua (Joshua) ke moprista e moholo. (Esdr. 1:8; 5:2; Zak. 3:1) Masala ao e ka ’nang eaba e ne e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba 200 000, ho akarelletsa banna, basali, le bana, a kena leetong lena le lelelele. Ho latela almanaka ea Bajode, ka khoeli ea bosupa a aha metseng ea ’ona, ’me joale a phuthehela Jerusalema ho nyehela mahlabelo setšeng sa aletare ea tempele le ho keteka Mokete oa Metlotloane lehoetleng la 537 B.C.E. Ka hona ho etsoa ha naha lesupi ka lilemo tse 70 ho fela hantle feela ka nako!*

  • Buka ea Bibele ea 15—Esdrase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 14. Buka ea Esdrase e bontša’ng mabapi le boprofeta ba Jehova?

      14 Buka ea Esdrase e molemo, tabeng ea pele, ho bontšeng ho nepahala ho sa foseng hoo boprofeta ba Jehova bo phethahatsoang ka hona. Jeremia, eo ka nepo a neng a boletse esale pele ka ho etsoa lesupi ha Jerusalema, o ile a boela a bolela esale pele ka ho tsosolosoa ha eona ka mor’a lilemo tse 70. (Jer. 29:10) Hantle feela ka nako, Jehova o ile a bontša mosa oa hae o lerato ka ho khutlisetsa batho ba hae, masala a tšepahalang, Naheng e Tšepisitsoeng ho tla ntšetsa borapeli ba ’nete pele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Log Out
Log In
  • Sesotho (Lesotho)
  • Share
  • Lintlha Tseo U li Khethang
  • Copyright © 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • JW.ORG
  • Log In
Share