-
Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova ka ho sa Feleng!Molula-Qhooa—2003 | August 15
-
-
15. U ka hlalosa boprofeta bo tlalehiloeng ho Mikea 4:1-4 joang ka mantsoe a hao?
15 Ha re hetla morao, re bona hore ka mor’a moo Mikea o fana ka molaetsa o hlollang oa tšepo. Re fumana mantsoe a khothatsang hakaakang ho Mikea 4:1-4! Har’a tse ling, Mikea o re: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; ’me lichaba li tla phallela ho eona. . . . Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba tse ngata, ’me a lokise litaba lichabeng tse matla tse hōle haholo. Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”
-
-
Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova ka ho sa Feleng!Molula-Qhooa—2003 | August 15
-
-
17 Tumellanong le boprofeta ba Mikea, haufinyane borapeli bo hloekileng ba Jehova bo tla sebelisoa ka botlalo lefatšeng ka bophara. Hona joale, batho ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ba ntse ba rupeloa ka litsela tsa Jehova. (Liketso 13:48) Jehova o fana ka kahlolo le ho lokisa litaba ka kutloisiso ea moea ho balumeli ba emelang ’Muso. Ba tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ e le karolo ea “bongata bo boholo.” (Tšenolo 7:9, 14) Kaha ba teile lisabole tsa bona hore e be mehoma, esita le hona joale ba phela ka khotso le Lipaki tse ling Tsa Jehova le batho ba bang. Ke ho thabisang hakaakang ho ba har’a bona!
Ho Ikemisetsa ho Tsamaea ka Lebitso la Jehova
18. Ke’ng se tšoantšetsoang ke ‘ho lula tlas’a sefate sa morara le sefate sa feiga’?
18 Mehleng ea rōna, ha lefatše le aparetsoe ke tšabo e joaloka leru le letšo, rea thaba hore ebe ba bangata ba ithuta litsela tsa Jehova. Re labalabela nako e seng e le haufinyane eo ka eona bohle ba ratang Molimo ba ke keng ba hlola ba ithuta ntoa, ho e-na le hoo ba tla lula tlas’a lifate tsa bona tsa morara le tsa feiga. Lifate tsa feiga li atisa ho lengoa serapeng ea morara. (Luka 13:6) Ho lula tlas’a sefate sa morara le sa feiga ho tšoantšetsa maemo a khotso, nala le tšireletseho. Esita le hona joale, kamano ea rōna le Jehova e re fa khotso ea kelello le tšireletseho moeeng. Re ke ke ra tšoha ’me re tla sireletseha ka ho feletseng, ha maemo a joalo a se a le teng tlas’a puso ea ’Muso.
-