-
Tšepa Jehova ka ho Feletseng Linakong Tsa MahlomolaMolula-Qhooa—2003 | September 1
-
-
7, 8. (a) Jesu o bontšitse joang hore oa tseba hore batho ba sa phethahalang ba na le tšekamelo ea ho tšoenyeha ka ho feteletseng ka lintho tse bonahalang (Bona hape le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Jesu o fane ka keletso efe e bohlale mabapi le ho qoba ho tšoenyeha ho sa lokelang?
7 Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a eletsa a re: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng.”b (Matheu 6:25) Jesu o ne a tseba hore ka tlhaho batho ba sa phethahalang ba tšoenyeha ka ho fumana lintho tsa motheo tsa ho iphelisa. Leha ho le joalo, re ka etsa joang hore re ‘khaotse ho tšoenyeha’ ka lintho tse joalo? Jesu o itse: “Le ’ne le batle ’muso pele.” Ho sa tsotellehe hore na re tobana le mathata afe, re lokela ho tsoela pele ho etsa hore borapeli ba Jehova bo nke sebaka sa pele bophelong ba rōna. Haeba re etsa joalo, Ntate oa rōna oa leholimo o tla re ‘ekeletsa’ litlhoko tsohle tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi. Ka tsela e itseng, o tla etsa hore re khone ho fumana lintho tseo re li hlokang.—Matheu 6:33.
-
-
Tšepa Jehova ka ho Feletseng Linakong Tsa MahlomolaMolula-Qhooa—2003 | September 1
-
-
b Matšoenyeho a boletsoeng mona a hlalosoa e le “tšabo e nang le ho khathatseha, e felisang thabo eohle ea motho bophelong.” Liphetolelo tse ling li re “le se ke la belaela” kapa “le se ke la itšoenya.” Empa liphetolelo tseo li fana ka maikutlo a hore ha rea lokela ho qala ho tšoenyeha kapa ho khathatseha. Buka e ’ngoe e re: “Leetsi lena la Segerike ke sekataelo se ho bojoale, se fanang ka taelo ea hore motho a khaotse ho etsa ketso e itseng e seng e ntse e tsoela pele.”
-