-
O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe LitekoMolula-Qhooa—2010 | January 1
-
-
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
Lefika ke Mang?
“Ke re ho uena, U Petrose, ’me holim’a lefika lena ke tla haha phutheho ea ka.” (Matheu 16:18) Mantsoe ana ao Jesu a neng a a bolella moapostola oa hae Petrose, a ’nile a utloisisoa eka a bolela hore Petrose e ne e tla ba motheho oa phutheho ea Bokreste. Kereke ea Roma e K’hatholike e ruta hore Jesu o ne a beha Petrose boemong bo ka holim’a baapostola ba bang, ha e le hantle e ne e le ha a mo etsa mopapa oa pele. Ka hona, kerekeng ea Saint Peter’s Basilica, e Roma, mantsoe ana a Jesu a ngotsoe ka Selatine ka mongolo o moholo ho feta motho.
Na Jesu o ne a bolela hore Petrose ke lefika leo ho lona Jesu a neng a tla haha phutheho ea hae? Che. Nahana ka mabaka a mararo a ka etsang hore re kholisehe ka sena. La pele, baapostola ba bang ba ne ba le teng, ’me ha baa ka ba utloisisa mantsoe ao a Jesu ka tsela eo. Haeba Jesu a ne a file Petrose boemo bo phahameng ba ntse ba utloa, joale ke hobane’ng ha ka makhetlo ka mor’a moo ba ile ba phehisana hore na ke mang ho bona ea moholo? (Mareka 9:33-35; Luka 22:24-26) La bobeli, moapostola Pauluse hamorao o ile a bontša hore lefika e ne e le Jesu Kreste, e seng Petrose. (1 Bakorinthe 3:11; 10:4) La boraro, lilemo tse mashome hamorao Petrose ka boeena o ile a bontša hore o ne a sa inke e le lefika. Ho e-na le hoo, o ile a ngola hore Jesu e ne e le eena “lejoe la sekhutlo la motheo” le neng le ile la boleloa esale pele, le khethiloeng ke Molimo ka boeena.—1 Petrose 2:4-8.
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
-
-
O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe LitekoMolula-Qhooa—2010 | January 1
-
-
Kreste enoa e ne e le eena eo boprofeta ba boholo-holo bo neng bo itse ke lejoe leo lihahi li tla le lahla. (Pesaleme ea 118:22; Luka 20:17) A hopotse boprofeta boo, Jesu o ile a senola hore Jehova o ne a tla theha phutheho lejoeng leo, kapa lefikeng lona leo Petrose a qetang ho le bolela.d Joale o ile a fa Petrose boikarabelo ba bohlokoa haholo phuthehong eo. Ha aa ka a phahamisetsa Petrose ka holim’a baapostola ba bang, joalokaha ba bang ba nahana joalo, empa o ile a mo fa boikarabelo. O ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso.” (Matheu 16:19) Mosebetsi oa Petrose e ne e tla ba ho fa batho tšepo ea ho kena ’Musong oa Molimo merabeng e meraro ea batho—ho Bajuda pele, e ntan’o ba Basamaria, qetellong e be Balichaba kapa batho bao e seng Bajuda.
-