-
Lefatše le se Nang MaloetseTsoha!—2004 | June 8
-
-
Re ka lebella hore ’Muso oa Molimo o tle neng? Ha a arabela potso eo, Jesu o ile a bolela esale pele hore lefatše le ne le tla bona letoto la liketsahalo tsa bohlokoa tseo li neng li tla fana ka pontšo ea hore ’Muso oo o tla tloha o nka bohato. O itse e ’ngoe ea litšobotsi tsena tse ikhethang, e ne e tla ba ho qhoma ha ‘mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng.’ (Luka 21:10, 11; Matheu 24:3, 7) Lentsoe la Segerike bakeng sa “mafu a seoa” le bolela “boloetse bofe kapa bofe bo bolaeang, bo tšoaetsanoang.” Lekholo lena la bo20 la lilemo ka sebele le bile le ho qhoma ho tšabehang ha mafu a seoa, ho sa tsotellehe tsoelo-pele e entsoeng ke saense ea meriana.—Bona lebokose la “Mafu a Bakoang ke Mafu a Seoa ho Tloha ka 1914.”
Boprofeta bukeng ea Tšenolo, bo tšoanang le mantsoe a Jesu Likosepeleng, bo hlalosa banna ba ’maloa ba lipere ba tsamaea le Jesu Kreste ha a nka matla a puso leholimong. Mopalami oa bone o palame “pere e botala bo bosehla,” ’me ka lebaka leo o jala “lefu la seoa.” (Tšenolo 6:2, 4, 5, 8) Ha ho shejoa lenane la batho ba shoeleng ba bolaoa ke a mang a mafu a maholo a tšoaetsanoang ho tloha ka 1914, le tiisa hore mopalami enoa oa tšoantšetso haesale a palame. Mahlomola a teng lefatšeng ka bophara a bakoang ke “lefu la seoa” a fana ka bopaki bo tsoelang pele ba hore ho tla ha ’Muso oa Molimo ho haufi.b—Mareka 13:29.
-
-
Lefatše le se Nang MaloetseTsoha!—2004 | June 8
-
-
[Lebokose le leqepheng la 28]
Mafu a Bakiloeng ke Mafu a Seoa ho Tloha ka 1914
Lipalo-palo tsena ha e le hantle ke likhakanyo. Leha ho le joalo, li bontša hore na mafu a seoa a hlasetse moloko oa batho ho tloha ka 1914 ho isa kae.
◼ Sekholopane (ba pakeng tsa limilione tse 300 le tse 500) Ho ne ho se pheko e atlehang bakeng sa sekholopane e kileng ea etsoa. Lenaneo le leholo la machaba la ho entoa qetellong le ile la atleha ho felisa lefu leo ka 1980.
◼ Lefuba (ba pakeng tsa limilione tse 100 le tse 150) Hona joale lefuba le bolaea hoo e ka bang batho ba limilione tse peli selemo le selemo, ’me hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo lefatšeng o na le kokoana-hloko ea lefuba.
◼ Malaria (ba pakeng tsa limilione tse 80 le tse 120) Halofong ea pele ea lekholo la bo20 la lilemo, lenane la ba bolauoeng ke malaria le ne le le ka holimo ho ba ka bang limilione tse peli ka selemo. Karolo e khōlō ea batho ba shoang e likoloha karolong e ka boroa ho Sahara ea Afrika, moo malaria a ntseng a bolaea batho ba fetang milione ka selemo.
◼ Mokakallane (ba pakeng tsa limilione tse 20 le tse 30) Bo-rahistori ba bang ba bolela hore palo ea bafu e ne e feta eo hōle. Lefu lena la seoa le ile la fiela lefatše ka 1918 le 1919, hang ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše. Buka ea Man and Microbes e re: “Esita le seoa sa ho ruruha litšoelesa ha sea ka sa bolaea batho ba bangata ka potlako hakaalo.”
◼ Typhus (hoo e ka bang ba limilione tse 20) Mafu a seoa a typhus hangata a tsamaea le ntoa, ’me ntoa ea pele ea lefatše e ile ea khoephetsa seoa sa typhus se ileng sa ripitla linaha tsa Europe Bochabela.
◼ AIDS (ba fetang limilione tse 20) Seoa sena sa kajeno hona joale se bolaea batho ba limilione tse tharo selemo le selemo. Likhakanyo tsa lenaneo la Machaba a Kopaneng la AIDS le bontša hore “haeba ho sa nkoe mehato e matla ho thibela le ho phekola lefu lena, ho tla shoa batho ba limilione tse 68 . . . pakeng tsa 2000 le 2020.”
-