Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “O Ile a re Rata Pele”
    Atamela ho Jehova
    • Ketso e Khōlō ka ho Fetisisa e Lerato

      4. Lesole la Moroma le ile la hlokomelisoa ke eng hore Jesu e ne e se motho feela tjee, hona lesole leo le ile la etsa qeto efe?

      4 Molaoli oa lekholo oa Moroma ea neng a tsamaisa polao ea Jesu o ile a hlolloa ke lefifi le ileng la e-ba teng pele Jesu a e shoa le tšisinyeho e matla ea lefatše e ileng ea latela. O ile a re: “Ka sebele enoa e ne e le Mor’a Molimo.” (Matheu 27:54) Ho hlakile hore Jesu e ne e se motho feela tjee. Lesole leo le ne le kentse letsoho polaong ea Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa! Ha e le hantle, Mora eo e ne e le oa bohlokoa hakae ho Ntat’ae?

      5. Nako e telele eo Jehova le Mora oa hae ba e qetileng ba le ’moho leholimong e ka tšoantšoa joang?

      5 Bibele e bitsa Jesu “letsibolo la pōpo eohle.” (Bakolose 1:15) Ak’u nahane feela—Mora oa Jehova o bile teng pele bokahohle bo bonahalang bo e-ba teng. Joale, Ntate le Mora ba bile ’moho halelele hakae? Bo-rasaense ba bang ba hakanya hore bokahohle bo qetile lilemo tse limilione tse likete tse 13 bo le teng. Na u ka khona ho lekanya nako e telele hakaalo? Ho thusa batho ho utloisisa nako eo bo-rasaense ba hakanyang hore bokahohle bo bile teng ka eona, setsi se seng sa ho lekola lipolanete se entse mola o bolelele ba limithara tse 110 o lekanyang nako. Ha baeti ba ntse ba tsamaea moleng oo o lekanyang nako, mohato o mong le o mong oo ba o nkang o emela lilemo tse ka bang limilione tse 75 tsa nako eo bokahohle bo bileng teng ka eona. Qetellong ea mola oo o lekanyang nako, histori eohle ea batho e emeloa ke letheba le le leng feela le lekanang le qoba e le ’ngoe ea moriri oa motho ka botenya! Leha ho le joalo, esita le haeba khakanyo ena e nepahetse, mola oo kaofela o lekanyang nako o ne o ke ke oa e-ba molelele ka ho lekaneng ho emela nako eo Mora oa Jehova a e phetseng! O ne a ntse a etsa’ng ka lilemo-lemo tseo tsohle?

      6. (a) Mora oa Jehova o ne a ntse a etsa’ng pele e e-ba motho oa nama? (b) Ke tlamo ea mofuta ofe e teng pakeng tsa Jehova le Mora oa hae?

      6 Mora o ile a sebeletsa ka thabo e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Ntat’ae. (Liproverbia 8:30) Bibele e re: “Kantle ho [Mora] ha ho ntho leha e le ’ngoe e bileng teng.” (Johanne 1:3) Kahoo Jehova le Mora ba ile ba sebetsa ’moho ho hlahisa lintho tse ling kaofela. Ba ile ba e-ba le nako e monate le e thabisang hakaakang! Ba bangata ba tla lumela hore lerato le pakeng tsa motsoali le ngoana le matla ka ho hlollang. ’Me lerato “ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:14) Joale ke mang ho rōna ea ka utloisisang matla a tlamahano e bileng teng ka nako e telele joalo? Ho hlakile hore Jehova Molimo le Mora oa hae ba kopantsoe ke tlamo e matla ka ho fetisisa ea lerato e kileng ea e-ba teng.

      7. Jehova o ile a tsebahatsa maikutlo a hae ka Mora oa hae joang ha Jesu a kolobetsoa?

      7 Leha ho le joalo, Ntate o ile a romela Mora oa hae lefatšeng hore a tl’o tsoaloa e le lesea. Seo se ne se bolela hore Jehova o ne a tla tela botsoalle bo haufi le Mora oa hae ea ratoang leholimong ka lilemo tse mashome a ’maloa. O ile a shebella ka thahasello e khōlō a le leholimong ha Jesu a hōla e ba motho ea phethahetseng. Jesu o ile a kolobetsoa ha a le lilemo tse ka bang 30. Ha ho hlokahale hore re nohe hore na Jehova o ile a ikutloa joang ka eena. Ntate o ile a bua ka seqo a le leholimong a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Kaha ka botšepehi Jesu o ile a etsa sohle se neng se profetiloe, e leng sohle se neng se lebeletsoe ho eena, e tlameha ebe Ntate o ne a thabile haholo!—Johanne 5:36; 17:4.

      8, 9. (a) Ke eng seo Jesu a ileng a feta ho sona ka la 14 Nisane, 33 C.E., hona Ntate oa hae oa leholimo o ile a ameha joang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Mora oa hae ho utloa bohloko le ho shoa?

      8 Leha ho le joalo, Jehova o ile a ikutloa joang ka la 14 Nisane, 33 C.E.? O ile a ikutloa joang ha Jesu a ekoa ’me hamorao a tšoaroa ke mahoohoo bosiung boo? Ha metsoalle ea Jesu e mo siea kherehloa le ha a etsetsoa nyeoe e seng molaong? Ha a ntse a songoa, a tšoeloa ka mathe le ha a otloa ka lifeisi? Ha a ntse a shapuoa, mokokotlo oa hae o hlenhlane ke ho tleroa? Ha a ntse a khokhotheloa matsoho le maoto thupeng ’me a siuoa a leketlile moo ha batho ba ntse ba mo nyefola? Ntate o ile a ikutloa joang ha Mora oa hae ea ratoang a ipiletsa ho eena a le bohlokong bo otlang pelo? Jehova o ile a ikutloa joang ha Jesu a e-shoa, ’me ka lekhetlo la pele ho tloha tšimolohong ea pōpo eohle, Mora oa Hae ea ratoang a e-ba sieo?—Matheu 26:14-16, 46, 47, 56, 59, 67; 27:38-44, 46; Johanne 19:1.

      ‘Molimo o . . . ile a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši’

      9 Ruri re haelloa ke mantsoe a ka hlalosang seo. Kaha Jehova o na le maikutlo, bohloko boo a ileng a bo utloa ha Mora oa hae a shoa ke boo re ke keng ra bo hlalosa ka mantsoe. Seo re ka se hlalosang ke se ileng sa susumelletsa Jehova hore a lumelle seo ho etsahala. Ke hobane’ng ha Ntate a ile a itumella ho utloa seo? Jehova o re senolela ho hong ho tsotehang ho Johanne 3:16—e leng temana ea Bibele eo e leng ea bohlokoa hoo e ’nileng ea bitsoa Kosepele e nyenyane. E re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Kahoo Jehova o ne a susumetsoa ke sena: lerato. Mpho ea Jehova—ea ho romela Mora oa hae hore a tl’o utloa bohloko le ho re shoela—e bile ketso e khōlō ka ho fetisisa e lerato e kileng ea etsoa.

  • “O Ile a re Rata Pele”
    Atamela ho Jehova
    • 12 A·gaʹpe e bolela lerato le tataisoang ke molao-motheo. Kahoo hase feela ho ikutloa ka tsela e itseng ka seo motho e mong a se buang kapa a se etsang. E akarelletsa ho hongata, e thehiloe ho nahanisiseng le ho rereng ka hloko. Ka holim’a tsohle, a·gaʹpe ha e na boithati ho hang. Ka mohlala, ak’u shebe Johanne 3:16 hape. “Lefatše” leo Molimo a le ratileng haholo hoo a ileng a le fa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ke lefe? Ke lefatše la moloko oa batho o ka rekolloang. Le akarelletsa batho ba bangata ba phehellang tsela ea boetsalibe bophelong. Na Jehova o rata e mong le e mong joaloka motsoalle oa hae, joalokaha a ne a rata Abrahama ea tšepahalang? (Jakobo 2:23) Che, empa Jehova o atolosetsa molemo ho bohle ka lerato, esita le haeba eena a lahleheloa haholo. O batla hore bohle ba bake ’me ba fetole litsela tsa bona. (2 Petrose 3:9) Ba bangata ba etsa seo. Bana o ba amohela ka thabo e le metsoalle ea hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela