-
“Ba Tlala Moea o Halalelang”“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
[Lebokose le leqepheng la 25]
BAJUDA MESOPOTAMIA LE EGEPETA
The History of the Jewish People in the Age of Jesus Christ (175 B.C.–A.D. 135) e re: “Mesopotamia, Media le Babylonia ho ne ho lula litloholo tsa litho tsa ’muso oa meloko [ea Iseraele] e leshome, le tsa litho tsa ’muso oa Juda, ka mor’a hore li lelekeloe moo ke Baassyria le Bababylona.” Ho latela Esdrase 2:64, ke banna ba Iseraele ba 42 360 feela, hammoho le basali ba bona le bana, ba ileng ba khutlela Jerusalema ha ba tsoa botlamuoeng Babylona. Sena se etsahetse ka 537 B.C.E. Flavius Josephus o re lekholong la pele la lilemo C.E., Bajuda ba neng ba “lula Babylonia” ba ne ba le likete tse mashome. Lekholong la boraro ho ea ho la bohlano la lilemo C.E., ba ne ba ntse ba hatisa buka ea lineano tsa Bajuda e bitsoang Babylonian Talmud.
-
-
“Ba Tlala Moea o Halalelang”“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
[Lebokose le leqepheng la 26]
BAKRESTE BA PONTASE
Bajuda ba tsoang Pontase, e leng setereke se ka leboea sa Asia Minor ke ba bang ba batho ba ileng ba utloa puo ea Petrose ka Pentekonta ea 33 C.E. (Lik. 2:9) Ho hlakile hore ba bang ba bona ba ile ba isa litaba tse molemo linaheng tsa habo bona, hobane ba bang bao Petrose a neng a ba ngoletse lengolo la hae la pele ba ne ba akarelletsa balumeli ba neng ba ‘hasane’ libakeng tse kang Pontase.g (1 Pet. 1:1) Lengolo la hae le senola hore Bakreste bana ba ne ba “baketsoe mesarelo ke liteko tse sa tšoaneng” ka lebaka la tumelo ea bona. (1 Pet. 1:6) Ho ka etsahala hore li ne li akarelletsa khanyetso le mahloriso.
-