-
‘Le Batle Molimo ’me ka Sebele le mo Fumane’“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
17, 18. Ke hobane’ng ha batho ba lokela ho ikutloa ba le haufi le Molimo, hona re ka ithuta eng tseleng eo Pauluse a ileng a ipiletsa ho batho ba neng ba mo mametse?
17 Batho ba lokela ho ikutloa ba le haufi le Molimo. Pauluse o itse, ka Eena “re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” Litsebi tse ling li re e ka ’na eaba Pauluse o ne a qotsa mantsoe a Epimenides, e leng seroki sa Kreta sa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. eo hape e leng “motho ea hlaheletseng bolumeling ba Baathene.” Pauluse o ile a fana ka lebaka le leng leo ka lona batho ba lokelang ho ikutloa ba le haufi le Molimo ha a re: “Ba bang ba liroki har’a lōna ba itse, ‘Etsoe le rōna re bana ba hae.’” (Lik. 17:28) Batho ba lokela ho ikutloa hore ba na le kamano le Molimo; o bōpile motho eo bohle ba tsoang ho eena. E le hore Pauluse a ipiletse ho batho ba neng ba mo mametse, o ile a qotsa ka ho toba libukeng tsa Bagerike tseo ho se nang pelaelo hore ba ne ba li hlompha.e Ha re latela mohlala oa Pauluse, ka linako tse ling re ka qotsa mantsoe a seng makae libukeng tsa histori, li-encyclopedia, kapa libukeng tse ling tse hlomphuoang. Ka mohlala, ho qotsa motho ea hlomphuoang ho ka ’na ha thusa ho kholisa batho bao e seng Lipaki hore na mekhoa kapa litšebeletso tse ling tsa bolumeli ba bohata li simolohile hokae.
-
-
‘Le Batle Molimo ’me ka Sebele le mo Fumane’“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
e Pauluse o ile a qotsa thoko ea bolepi ba linaleli e bitsoang Phaenomena, e ngotsoeng ke seroki sa Mostoike se bitsoang Aratus. Mantsoe a tšoanang le ao a fumanoa libukeng tse ling tsa Bagerike, ho akarelletsa le ea Hymn to Zeus, ea sengoli sa Mostoike se bitsoang Cleanthes.
-