-
“Ho Paka ka ho Phethahetseng”“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
‘Bolela ka ’Muso oa Molimo’ (Liketso 28:30, 31)
19. Pauluse o ile a sebelisa nako ea hae hamolemo joang ha a le litlamong?
19 Luka o lihela likhala ka tsela e lerato ha a re: “[Pauluse] a lula lilemo tse peli kaofela ntlong ea hae e hiriloeng, ’me o ne a amohela ka mosa bohle ba kenang ho tla ho eena, a ba bolella ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste ka bolokolohi bo boholo, ntle ho tšitiso.” (Lik. 28:30, 31) Ke mohlala o motle hakaakang oa ho amohela baeti, oa tumelo le cheseho!
20, 21. Bolela ba bang ba ileng ba rua molemo tšebeletsong ea Pauluse Roma.
20 E mong oa bao Pauluse a ileng a ba amohela ka mosa ke monna ea bitsoang Onesimase, lekhoba le balehileng Kolose. Pauluse o ile a thusa Onesimase hore e be Mokreste, ’me Onesimase ea e-ba ‘mor’abo Pauluse ea tšepahalang le ea ratoang.’ Ha e le hantle, Pauluse o ile a re ke “ngoana oa ka . . . eo ke ileng ka ba ntat’ae.” (Bakol. 4:9; Filem. 10-12) E tlameha ebe Onesimase o ile a khothatsa Pauluse haholo.a
21 Ba bang le bona ba ile ba rua molemo mohlaleng o motle oa Pauluse. Ha a ngolla Bafilipi o ile a re: “Litaba tsa ka li feletse ka hore litaba tse molemo li tsoele pele ho e-na le ka ho hong hosele, hoo litlamo tsa ka li fetohileng tse tsebahalang phatlalatsa kamanong le Kreste har’a Balebeli bohle ba Moemphera le ba bang kaofela; ’me boholo ba barab’abo rōna Moreneng, ba ikutloa ba kholisehile ka lebaka la litlamo tsa ka tsa chankana, ba bontša sebete haholo hore ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.”—Bafil. 1:12-14.
-
-
“Ho Paka ka ho Phethahetseng”“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
25, 26. Ka mor’a lilemo tse ka tlaase ho 30, Pauluse o bone ha ho phethahala boprofeta bofe bo hlollang, ’me ho etsahala se tšoanang joang nakong ea rōna?
25 Ruri buka ea Liketso e thahasellisang e lihela likhala ka tsela e thobang pelo ha e bua ka moapostola oa Kreste ea litlamong ea ‘bolelang ka ’muso oa Molimo’ ho bohle ba mo etelang. Khaolong ea pele, re bala ka mosebetsi oo Jesu a ileng a o fa balateli ba hae ha a re: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Joale, ka mor’a lilemo tse ka tlaase ho 30, molaetsa oa ’Muso o ne o se o ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’d (Bakol. 1:23) Ke bopaki bo hlollang hakaakang ba hore moea oa Molimo o matla!—Zak. 4:6.
-