-
‘Linako Tsa Tsosoloso’ li Atametse!Molula-Qhooa—2000 | September 1
-
-
KABELO eo e ne e ke ke ea finyelloa ka matsatsi a seng makae, libeke tse seng kae kapa likhoeli tse seng kae. Leha ho le joalo, kapele feela barutuoa bana ba ile ba qala ho bolela. Empa ha baa ka ba felloa ke thahasello tabeng ea tsosoloso. Moapostola Petrose o ile a bua ka eona ho batho ba bangata ba neng ba bokane Jerusalema, a re: “Bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lona li hlakoloe, e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova ka boeena le hore a ka romela Kreste ea behetsoeng lōna, Jesu, eo leholimo, ka sebele, le lokelang ho mo boloka ka hare ho lona ho fihlela linakong tsa tsosoloso ea lintho tsohle tseo Molimo a ileng a bua ka tsona ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang ba nakong ea khale.”—Liketso 3:19-21.
-
-
‘Linako Tsa Tsosoloso’ li Atametse!Molula-Qhooa—2000 | September 1
-
-
Joalokaha moapostola Petrose a ile a hlalosetsa batho bao ba bangata ba Jerusalema, leholimo le ile la ‘boloka Jesu ka hare ho lona.’ Ho bile joalo ho fihlela ka 1914, ha Jesu e e-ba ’musi ’me a qala ho busa e le Morena ea khethiloeng oa Molimo. Ka nako eo, Petrose o ile a bolela esale pele hore Jehova o ne a tla “romela” Mora oa hae ka kutloisiso ea hore O ne a tla lumella hore Jesu a phethe karolo ea hae e le motho ea ka sehloohong mererong ea Molimo. Bibele e hlalosa ketsahalo ena ka puo ea tšoantšetso: “’Me [mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo oa] beleha mora, e motona, [’Muso oa Molimo o matsohong a Jesu Kreste] ea tla lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe.”—Tšenolo 12:5.
-