Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Itebele Hore U se ke Ua ba le Pelo e Bolotsana
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
    • 7 Ka phoso Mokreste a ka ’na a nahana hore le ka mohla pelo ea hae e ke ke ea mo thetsa joalokaha ho ile ha etsahala ho batho ba bangata ba mehleng ea Jeremia. Ka mohlala, monna a ka ’na a re, ‘Ke lokela ho sebetsa e le hore ke hlokomele lelapa la ka,’ e leng ntho e utloahalang. Empa ho tla etsahala’ng haeba seo se ka etsa hore a nahane see, ‘Ke lokela ho ruteha ho feta mona e le hore ke tsebe ho fumana mosebetsi o motle kapa o se ke oa ntahlehela’? Seo se ka ’na sa bonahala eka sea utloahala, ’me sa etsa hore a fihlele qeto ena, ‘Linako li fetohile, e le hore u phomelle kajeno ho hlokahala hore u fumane thuto ea k’holeje kapa ea univesithi hore u tle u se ke ua lahleheloa ke mosebetsi.’ Ho ka ba bonolo hore motho a qale ho khella fatše keletso e bohlale le e shebang lintho ka tsela e loketseng, e tsoang ho lekhoba le tšepahalang le le masene, e mabapi le ho ntšetsa lithuto pele, ebe o qala ho lofa liboka! Tabeng ena, butle-butle batho ba bang ba ’nile ba susumetsoa ke maikutlo a lefatše le ke tsela eo le talimang lintho ka eona. (Baef. 2:2, 3) Ka nepo Bibele ea re lemosa e re: “U se ke ua lumella lefatše le u potolohileng hore le u bōpe ka tsela e ratoang ke lona.”—Bar. 12:2, Phillips.a

  • Itebele Hore U se ke Ua ba le Pelo e Bolotsana
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
    • a NET Bible (ea 2005) e re: “Le se ke la tšoana le lefatše lena la kajeno.” Mongolo o botlaaseng ba leqephe o phaella ka ho re: “Ho totobetse hore ho nkoa hore ho ‘tšoana’ le lefatše la hona joale ke ntho eo motho a e etsang a sa hlokomele, a sa elelloe hore na o etsa’ng. Ka nako e tšoanang, . . . motho a ka ’na a hlokomela hore o ntse a e-ea a tšoana le lefatše. Ho ka etsahala hore ho kopane lintho tseo ka bobeli.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela