-
Bonahatsa Boikutlo ba Kelello ba KresteMolula-Qhooa—2000 | September 1
-
-
4, 5. Ke tšobotsi efe ea boikutlo ba kelello ba Jesu e totobatsoang ho Baroma 15:1-3, ’me Bakreste ba ka mo etsisa joang?
4 Ho ba le boikutlo ba kelello ba Kreste Jesu ho akarelletsa eng? Khaolo ea 15 ea lengolo la Pauluse le eang ho Baroma e re thusa ho araba potso eo. Litemaneng tse seng kae tsa pele tsa khaolo ena, Pauluse o bua ka tšoaneleho e hlahelletseng ea Jesu ha a re: “Leha ho le joalo, rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla, ’me re se ke ra ba ba ikhahlisang. E mong le e mong oa rōna a a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha. Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa; empa feela joalokaha ho ngoliloe: ‘Linyeliso tsa ba neng ba u nyelisa li nkoetse holimo.’”—Baroma 15:1-3.
-
-
Bonahatsa Boikutlo ba Kelello ba KresteMolula-Qhooa—2000 | September 1
-
-
6. Ke ka tsela efe re ka etsisang boitšoaro ba Jesu ha a ne a hanyetsoa le ho rohakoa?
6 Tšobotsi e ’ngoe e ntle eo Jesu a ileng a e bonahatsa ke mokhoa oo a neng a nahana ka oona le ho etsa lintho ka oona o neng o le motle kamehla. Ha ho mohla a ileng a lumella boikutlo bo bobe ba ba bang hore bo susumetse boikutlo ba hae bo botle ka ho sebeletsa Molimo; le rōna ha rea tšoanela ho lumella seo. Ha Jesu a ne a rohakoa le ho hlorisoa ka lebaka la ho rapela Molimo ka botšepehi, ka mamello o ile a tiisetsa a sa belaele. O ne a tseba hore ea lekang ho khahlisa moahisani oa hae “ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha” a ka lebella khanyetso e tsoang lefatšeng le sa lumelang le le sa utloisiseng.
7. Jesu o ile a bonahatsa mamello joang, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho mo etsisa?
7 Jesu o ne a bontša boikutlo bo loketseng ka litsela tse ling. Ha ho mohla a neng a bontša hore o fella Jehova pelo empa ka mamello o ne a emela hore merero ea Hae e phethahale. (Pesaleme ea 110:1; Matheu 24:36; Liketso 2:32-36; Baheberu 10:12, 13) Ho feta moo, Jesu o ne a sa felle balateli ba hae pelo. O ile a re ho bona: “Le ithute ho ’na”; kaha o ne a le “maikutlo a bonolo,” thuto ea hae e ne e haha e bile e khatholla. Hape kaha o ne a “ikokobelitse pelong,” ho ne ho se mohla a ikakasang kapa a ikhohomosang. (Matheu 11:29) Pauluse o re khothalletsa ho etsisa litšobotsi tsena tsa boikutlo ba Jesu ha a re: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu, eo, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, a sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me ea e-ba ea tšoanang le batho.”—Bafilippi 2:5-7.
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha re tlameha ho sebeletsa ho hlaolela boikutlo bo se nang boithati? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahama haeba re sa finyelle mohlala oo Jesu a o siileng, ’me Pauluse e ne e le mohlala o motle joang ntlheng ee?
8 Ho bonolo ho bolela hore re batla ho sebeletsa ba bang le hore re batla ho etelletsa pele litlhoko tsa bona. Empa tlhahlobo e tšepahalang ea boikutlo ba rōna ba kelello e ka senola hore lipelo tsa rōna ha lia sekamela moo ka ho feletseng. Hobane’ng? Taba ea pele, hobane re futsitse litšobotsi tsa boithati ho Adama le Eva; taba ea bobeli, hobane re phela lefatšeng le khothalletsang boithati. (Baefese 4:17, 18) Hangata ho sebeletsa ho ba le boikutlo boo e seng ba boithati ho bolela ho hlaolela mokhoa oa ho nahana o fapaneng le botho ba rōna bo sa phethahalang. Seo se hloka boikemisetso le boiteko.
-