-
Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
-
-
10 La pele, re ithaopela ho ntša menehelo hobane re rata Jehova ’me re batla ho “etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.” (1 Joh. 3:22) Ka sebele, Jehova oa thaba ha morapeli oa hae a fana ho tsoa pelong ka bolokolohi. A re ke re hlahlobe mantsoe a moapostola Pauluse a buang ka ho fana. (Bala 2 Bakorinthe 9:7.) Mokreste oa ’nete ha a leqe ho fana ebile ha a fane ka lekhonono. Ho e-na le hoo, o fana hobane a entse “qeto e tiileng pelong ea hae.”c Seo se bolela hore o fana ka mor’a hore a nahane ka tlhoko e teng le hore na a ka thusa joang. Jehova o rata motho ea joalo, kaha Bibele e re: “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” Phetolelo e ’ngoe e beha taba ena tjena: “Molimo o rata batho ba ratang ho fana.”
-
-
Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
-
-
c Setsebi se seng se re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “entse qeto” “le bolela hore motho o se a ikemiselitse esale pele.” Se phaella ka ho re: “Le hoja motho a thaba ha a fana, ho ntse ho hlokahala hore a rere esale pele le hore a fane kamehla.”—1 Bakor. 16:2.
-