-
“Balisa ba Tumellanong le Pelo ea Ka”Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
-
-
4. Ke bo-mang ba hlokomelang mohlape oa Molimo kajeno, ’me ba etsa seo ka moea ofe?
4 Tšepiso ea Molimo e ile phethahala haholo-holo ho Molisa e Moholo oa linku tsa Jehova e leng Jesu, eo e ileng ea e-ba Hlooho ea phutheho ea Bokreste. O ile a ipitsa “molisa ea khabane,” ea neng a hlile a qenehela batho bao a neng a ba etella pele. (Joh. 10:11-15) Kajeno, Jehova o hlokomela mohlape oa hae o lefatšeng ka balisa ba tlaasana, e leng barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ba sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene hammoho le baholo ba hlokolosi ba “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9) Balisa bana ba leka ka matla ho bontša moea oa boitelo oo Jesu a neng a e-na le oona. Ba labalabela ho fepa phutheho le ho e baballa, e le ha ba etsisa Kreste. Ho malimabe motho ofe kapa ofe ea hlokomolohang barab’abo kapa ea renang ka thata holim’a bona kapa ea ba khahlapetsang kapa ea ikhohomosetsang bona! (Mat. 20:25-27; 1 Pet. 5:2, 3) Jehova o lebeletse hore balisa ba Bakreste ba be joang kajeno? Re ka ithuta eng libukeng tseo Jeremia a li ngotseng mabapi le hore na baholo ba lokela ho ba le maikutlo afe a nepahetseng le sepheo sefe se nepahetseng ha ba ntse ba phetha boikarabelo ba bona? A re ke re hlahlobeng karolo eo ba e phethang ha ba fana ka thuso, ha ba sireletsa, ha ba ruta ka ntle le ka hare ho phutheho le ha ba ahlola.
-
-
“Balisa ba Tumellanong le Pelo ea Ka”Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
-
-
6 Joaloka balisa ba sebele, balebeli ba Bakreste ha ea lokela hore e be batho ba sa tsotelleng ha ba sebeletsa phutheho. Haeba u sebeletsa u le moholo, na u ikitlaelletsa hore u lule u le seli ho hlokomela haeba barab’eno ba e-na le mathata, hona na u ikemiselitse ho ba thusa hang-hang? Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “U tšoanela ho tseba ponahalo ea mohlape oa hao ka hohle-hohle. Beha pelo ea hao mehlapeng ea hao.” (Liprov. 27:23) Temana eo e totobatsa kamoo balisa ba sebele ba sebetsang ka thata kateng; empa, ha e le hantle e ka sebelisoa le tabeng ea tlhokomelo eo balisa ba moea ba fanang ka eona ka phuthehong. Haeba u sebeletsa u le moholo, na u hlokolosi hore u se ke ua ba le tšekamelo ea ho hatella ba bang? Taba ea hore Petrose o ile a bua ka “ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo” e bontša hore e hlile ke ntho e ka etsahalang hore moholo a etse joalo. Ke sefe seo u ka se etsang ho thusa hore se boletsoeng ho Jeremia 33:12 se phethahale? (E bale.) Batsoali ba se nang balekane, bahlolohali, malapa a lenyalo la bobeli, batho ba hōlileng le bacha ba ka ’na ba hloka hore ba hlokomeloe ba be ba thusoe ka tsela e itseng e khethehileng.
-