-
Letsatsi la Kahlolo ke Eng?Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
-
-
Jehova Molimo ke eena Moahloli oa ho qetela oa moloko oa batho. Leha ho le joalo, ho na le motho eo a mo abetseng mosebetsi oa ho ahlola ka ho toba. Ho ea ka Liketso 17:31, moapostola Pauluse o ile a re Molimo “o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng.” Moahloli enoa ea behiloeng ke Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. (Johanne 5:22) Empa Letsatsi la Kahlolo le qala neng? Le lelelele hakae?
-
-
Letsatsi la Kahlolo ke Eng?Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
-
-
Ho ea ka pono eo moapostola Johanne a bileng le eona, “meqolo [e ile] ea buloa,” ’me “bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.” Na meqolo ee ke tlaleho ea lintho tseo batho ba li entseng nakong e fetileng? Che, kahlolo ha e na ho itšetleha ka lintho tseo batho ba li entseng pele ba e-shoa. Re tseba seo joang? Bibele e re: “Ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” (Baroma 6:7) Ka mantsoe a mang, ba tsositsoeng bafung ba qala khaolo e ncha. Ka hona e tlameha ebe meqolo eo e emela lintho tse ling tseo Molimo a batlang hore ba li etse. E le hore baphonyohi ba Armagedone le ba tsositsoeng bafung ba phele ka ho sa feleng, ba tla lokela ho mamela litaelo tsa Molimo, ho akarelletsa le lintho leha e le life tse ncha tseo Jehova a batlang hore ba li etse tseo a ka ’nang a li senola nakong ea lilemo tse sekete. Kahoo, batho ka bomong ba tla ahloloa ho latela seo ba se etsang nakong ea Letsatsi la Kahlolo.
Letsatsi la Kahlolo le tla fa batho ba libilione monyetla oo ba e-s’o ka ba e-ba le oona oa hore ba ithute thato ea Molimo ’me ba e etse. Sena se bolela hore ho tla etsoa mosebetsi o moholo oa ho ruta. Ha e le hantle, “ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.” (Esaia 26:9) Empa hase bohle ba tla ikemisetsa ho etsa thato ea Molimo. Esaia 26:10 e re: “Le haeba ea khopo a ka bontšoa mohau, ho hang a ke ke a ithuta ho loka. O tla itšoara ka mokhoa o hlokang toka naheng ea ho loka ’me a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.” Batho bana ba khopo ba tla timetsoa ka ho feletseng nakong ea Letsatsi la Kahlolo.—Esaia 65:20.
-