Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bophelo bo Bile Teng Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 3. Ke’ng e etsang hore batho ba fapane le liphoofolo?

      Ka mor’a hore Jehova Molimo a bope lefatše, o ile a bopa lintho tsohle tse phelang ho lona. O qalile ka ho bopa limela le liphoofolo tse ngata. Ka mor’a moo, “Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae.” (Bala Genese 1:​27.) Batho ba fapane le liphoofolo hobane ba bopiloe ka setšoantšo sa Molimo, e leng hore ba khona ho ba le makhabane a tšoanang le a hae, joaloka lerato le toka. O boetse o bopile batho ba e-na le bokhoni ba ho ithuta lipuo, ho bona lintho tse ntle le ho thabela ’mino. Hape, ho fapana le liphoofolo tse ling tsohle, batho ba khona ho rorisa ’Mopi oa bona.

  • Bophelo bo Bile Teng Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 5. Seo Bibele e se buang ka popo se nepahetse

      Ho Genese khaolo ea 1, Bibele e hlalosa hore na lefatše le bile teng joang le lintho tsohle tse ho lona. Na u ka tšepa tlaleho ee, kapa ke tšomo feela? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tsena.

      VIDEO: Na Bokahohle bo Entsoe?​—Karoloana (3:51)

      Litšoantšo: Litšoantšo tse nkiloeng videong ea ‘Na Bokahohle bo Entsoe?​—Karoloana.’ 1. Kamoo lefatše le neng le le kateng ka mor’a matsatsi a tšeletseng a popo. 2. Kamoo lefatše le neng le le kateng ka mor’a matsatsi a tšeletseng a popo, ho na le letsatsi, sebaka se omileng, metsi, limela, linonyana, liphoofolo le batho.
      • Na Bibele e ruta hore lefatše le lintho tsohle tse ho lona li ile tsa boptjoa ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24 letsatsi ka leng?

      • Na u nahana hore seo Bibele e se buang ka popo sea utloahala ebile se nepahetse? Haeba u re e, kapa u re che, fana ka mabaka.

      Bala Genese 1:1 ebe le buisana ka potso ena:

      • Litsebi li ruta hore lintho tsohle ho na le moo li qalileng teng. Taba eo e tšoana joang le mantsoe ao u qetang ho a bala ka Bibeleng?

      Batho ba bang ba nka hore mohlomong Molimo o ile a bopa lintho tse nyenyane eaba tsona lia iphetola. Bala Genese 1:​21, 25, 27 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

      • Na Bibele e ruta hore Molimo o ile a bopa ntho e itseng e nyenyane eaba ntho eo ea iphetola hore e be tlhapi, phoofolo kapa motho? Kapa na o ile a bopa mefuta eohle ea lintho tse phelang?b

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela