Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tumelo ea Batsoali e Ile ea Putsoa
    Molula-Qhooa—1997 | May 1
    • Morali oa Jokebede, Miriame, o ile a itulisa haufi le moo e le hore a ka bona se neng se tla etsahala. Joale morali oa Faro o ile a tla Nile ho tla tola.a Mohlomong Jokebede o ne a tseba hore khosatsana e ne e atisa ho tla karolong ena ea Nile, eaba ka boomo o siea lebokose leo moo le ka fumanoang habonolo. Leha ho le joalo, ka potlako morali oa Faro o ile a bona lebokose le behiloeng har’a lehlaka, eaba o bitsa mohlokomeli e mong oa hae hore a le late. Ha a bona ngoana ea llang ka hare, o ile a ba le kutloelo-bohloko. O ile a hlokomela hore enoa e ne e le ngoana oa Moheberu. Leha ho le joalo, ke joang a neng a ka lumella hore ngoana e motle hakaalo a bolaoe? Kantle le mosa oa botho, mohlomong morali oa Faro o ne a susumelitsoe ke tumelo e atileng ea Baegepeta ea hore ho amoheloa leholimong ho ne ho itšetlehile ka tlaleho ea motho ea liketso tse mosa tsa ha a sa phela.b—Exoda 2:5, 6.

  • Tumelo ea Batsoali e Ile ea Putsoa
    Molula-Qhooa—1997 | May 1
    • a Baegepeta ba ne ba rapela Nile e le molimo oa pelehi. Ba ne ba lumela hore metsi a eona a na le matla a ho fana ka thari esita le ho lelefatsa bophelo.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela