Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Iketelletsa Pele ho Tlisa ho se Hlomphehe
    Molula-Qhooa—2000 | August 1
    • Kore—Mofetoheli ea Mohono

      4. (a) Kore e ne e le mang, ’me ha ho pelaelo hore o ile a kopanela liketsahalong life tse tsebisahalang? (b) Lilemong tsa morao, Kore o ile a khothalletsa ketso efe e tummeng hampe?

      4 Kore e ne e le Molevi oa Mokohathe, e le ngoan’abo Moshe le Arone ka bo-ntat’a bona. Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a tšepahala ho Jehova ka mashome a lilemo. Kore o ile a fuoa tokelo ea ho ba har’a ba ileng ba lopolloa ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu, ’me ho ka etsahala hore ebe o ile a kenya letsoho ha ho phethahatsoa kahlolo ea Jehova ho Baiseraele ba ileng ba rapela namane Thabeng ea Sinai. (Exoda 32:26) Leha ho le joalo, qetellong Kore o ile a etella pele bofetoheli bo neng bo akarelletsa Barubene, e leng Dathane, Abirame le One, hammoho le marenana a 250 a Baiseraele khahlanong le Moshe le Arone.a Ba ile ba re ho Moshe le Arone: “Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, ’me Jehova o har’a bona; ke ka baka la’ng ha le iphahamisitse ka holimo ho phutheho ea Jehova?”—Numere 16:1-3.

  • Ho Iketelletsa Pele ho Tlisa ho se Hlomphehe
    Molula-Qhooa—2000 | August 1
    • a Kaha Rubene e ne e le letsibolo la Jakobo, litloholo tsa hae tseo Kore a ileng a li khelosa hore li etse bofetoheli, mohlomong li ne li hlabehisoa ke hore Moshe—setloholo sa Levi—o na le matla a ho li tsamaisa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela