Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mangeloi ke Bo-mang, Hona a Etsa Eng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Lintho tse fapaneng tse amanang le ho sebelisana le boloi le bodemona tse akarelletsang lipapali tsa Ouija, litaola, libuka tsa linoa-mali, likarete tse bontšang bokamoso, lipopi tsa boloi, libano, lintho tse itseng tse roaloang le lithatho tseo batho ba iketsang tsona e le ho itšireletsa ho meea e mebe.

      5. Hana ho sebelisana le bademona

      Satane le bademona ke lira tsa Jehova ebile ke lira tsa rona. Bala Luka 9:​38-​42 ebe le buisana ka potso e latelang:

      • Bademona ba tšoara batho joang?

      Ha re batle hore bademona ba re susumetse. Bala Deuteronoma 18:​10-​12 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

      • Ke ka litsela life bademona ba lekang ho re susumetsa le ho bua le rona? Ke mekhoa efe ea ho sebelisana le bademona e tloaelehileng sebakeng seo u lulang ho sona?

      • Na ke ntho e utloahalang hore ebe Jehova ha a batle ha re sebelisana le bademona? Hobane’ng ha u cho joalo?

      Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

      VIDEO: “Hanyetsa Diabolose” (5:02)

      • Na u nahana hore ntho eo ngoana oa Palesa a neng a e roetse letsohong e kotsi? Hobane’ng ha u cho joalo?

      • Palesa o ne a lokela ho etsa’ng ho itšireletsa khahlanong le bademona?

      Haesale Bakreste ba ’nete ba hanyetsa bademona. Bala Liketso 19:​19 le 1 Bakorinthe 10:​21 ebe le buisana ka potso e latelang:

      • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona e amanang le bodemona?

      ’Mè e mong o chesa lintho tse fapaneng tse amanang le ho sebelisana le bodemona.
  • Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 2. Ho tseba ’nete ka boemo ba bafu ho re thusa joang?

      Batho ba bangata ba tšaba ho shoa ebile ba tšaba bafu. Empa seo Bibele e se buang ka lefu se ka u khothatsa. Jesu o itse: “’Nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Likereke tse ling li ruta hore ha motho a hlokahala moea oa hae o tsoela pele o phela empa Bibele ha e rute seo. Bafu ha ba utloe bohloko. Kaha ha ba tsebe letho, ba ke ke ba re lematsa. Kahoo ha ho hlokahale hore re ba rapele, re ba rapelle kapa re etse meetlo e itseng hobane re re ha re batle ba re halefele.

      Batho ba bang ba re ba khona ho bua le bafu. Empa ha se ntho e ka etsahalang hobane re ithutile hore bafu “ho hang ha ba tsebe letho.” Ho ka etsahala hore ebe batho ba nahanang hore ba bua le bafu ba ntse ba bua le bademona, ba iketsang eka ke baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Ho tseba hore na bafu ba boemong bofe ho re sireletsa ho bademona. Jehova oa tseba hore ho sebelisana le bademona ho kotsi, ke kahoo a reng re se ke ra bua le bafu.—Bala Deuteronoma 18:10-12.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela