Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Part 2—Assyria E Sehlōhō—’Muso oa Bobeli o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa—1988 | February 15
    • Bibele e bolela hore “Sankeribe, morena oa Assyria, a futuhela metse eohle ea Juda e marako, ’me a e kena.” Morena Ezekiase oa Jerusalema, a tšositsoe ke tšokelo ena, “a romela ho morena oa Assyria, Lakishe” ’me a tšepisa ho mo qeka ka lekhetho le boima.—2 Marena 18:13, 14.

  • Part 2—Assyria E Sehlōhō—’Muso oa Bobeli o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa—1988 | February 15
    • Ke ’nete hore Sankeribe ea ikakasang o ne a ke ke a lebelloa hore a ikhantše ka tahlehelo ena ea mabotho a hae. Empa seo a se buang ke se thahasellisang. Litlaleho tsa hae tsa selemo le selemo, tse tlalehiloeng ka bobeli Seemahaleng sa Setsi sa Bochabela le Seemahaleng sa Taylor, li re: “Ha e le Ezekiase, Mojode, ha a ka a ikokobeletsa joko ea ka, ke ile ka lika-liketsa metse ea hae e matla e 46, liqhobosheane tse hahiloeng ka marako le metsana e se nang palo e mathōkong a tsona, ’me ka (e) hapa . . . Eena ka mo etsa motšoaruoa Jerusalema, tulo ea hae ea borena, joaloka nonyana e koaletsoeng ka ntloaneng.” Sankeribe o re “khanya e tšosang ea borena ba ka” e ile ea aparela Ezekiase. Empa, ha aa re o ile a tšoara Ezekiase kapa a hapa Jerusalema, joalokaha a boletse ka “metse e matla” le “metsana.” Hobane’ng? Joalokaha Bibele e bontša, mabotho a matlahali a neng a rometsoe ke Sankeribe ho ea etsa joalo a ile a timetsoa!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela