Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o re Bontša Kamoo re Lokelang ho bala Matsatsi a Rōna Kateng
    Molula-Qhooa—2001 | November 15
    • 4-6. Ke joang Jehova e leng “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele”?

      4 Mopesaleme o qala ka mantsoe ana: “Jehova, u bile sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele molokong o mong ka mor’a o mong. Pele lithaba li tsoaloa, kapa u qala ho hlahisa lefatše le naha e behang joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi, esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.”—Pesaleme ea 90:1, 2.

  • Jehova o re Bontša Kamoo re Lokelang ho bala Matsatsi a Rōna Kateng
    Molula-Qhooa—2001 | November 15
    • 7. Lithaba li ‘tsoetsoe’ ka kutloisiso efe ’me lefatše le hlahisitsoe joalokaha eka ke ka “bohloko ba pelehi” joang?

      7 Jehova o bile teng pele lithaba li “tsoaloa” kapa pele lefatše le hlahisoa joalokaha eka ke ka “bohloko ba pelehi.” Ponong ea motho, ho hlahisa lefatše lena le sohle se ho lona, metsoako ea lona le maranrang ao le sebetsang ka ’ona, ho ile ha hloka boikitlaetso bo boholo haholo. Ha mopesaleme a bolela hore lithaba li ile tsa “tsoaloa” le hore lefatše le ile la hlahisoa joalokaha eka ke ka “bohloko ba pelehi,” o bontša hore o tsota mosebetsi oo Jehova a ileng a kena ho oona ha a ne a bōpa lintho tsena. Na ha rea tšoanela ho tsota le ho ananela ka tsela e tšoanang mosebetsi o tsoileng matsoho oa ’Mōpi?

      Jehova o Lula a Loketse ho re Thusa

      8. Ho boleloa eng ka poleloana e reng Jehova ke Molimo “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang”?

      8 Mopesaleme o ile a bina, a re: “Esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.” “Nako e sa lekanyetsoang” e ka bolela lintho tse felang empa tseo nako ea tsona e sa boleloang ka ho hlaka. (Exoda 31:16, 17; Baheberu 9:15) Leha ho le joalo, ho Pesaleme ea 90:2 le libakeng tse ling ka Mangolong a Seheberu, “nako e sa lekanyetsoang” e bolela “nako e sa feleng.” (Moeklesia 1:4) Likelello tsa rōna li ke ke tsa utloisisa hore na ho khoneha joang hore ebe Molimo esale a le teng. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a ba le qaleho ’me a ke ke a ba le qetello. (Habakuke 1:12) O tla phela kamehla ’me o lula a loketse ho re thusa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela