Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Lokela ho Sebetsana Joang le Batho ba Halefileng?
    Tsoha!—2001 | December 8
    • “O ne a tuka ke bohale. Mohlomong o bone hore ke monyenyane, kahoo o ne a batla ho nkotla. Nakong eo ke ntseng ke checha ka santhao, ke ile ka re: ‘Ak’u butle! Ak’u butle! Ak’u butle hanyenyane! Ke hobane’ng ha u batla ho nkotla? Ha kea u etsa letho. Ha ke tsebe le ho tseba hore na u halefisitsoe ke eng. Na re ka buisana ka hona?’”—David ea lilemo li 16.

  • Ke Lokela ho Sebetsana Joang le Batho ba Halefileng?
    Tsoha!—2001 | December 8
    • Bibele e fana ka keletso ena e bohlale: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) E, ho arabela motho ea halefileng ka “lentsoe le utloisang bohloko” ho mpa ho mpefatsa boemo. Leha ho le joalo, karabo e bonolo hangata e etsa hore ho be le khutso ’me e felisa tsitsipano.

      Hopola David, ea boletsoeng qalong. O ile a etsa hore ’mampoli a mo hlalosetse hore na ke hobane’ng ha a ne a halefile. Ho ile ha fumaneha hore ho na le motho ea neng a utsoitse lijo tsa ’mampoli eo tsa motšehare, ’me o ile a ntšetsa malokobe ho motho oa pele eo a ileng a teana le eena. David o ile a re: “Ho nkotla ho ke ke ha u buseletsa lijo tsa hao tsa motšehare.” Eaba o re a ee le eena phaposing ea ho jela. David oa hopola: “Kaha ke ne ke tseba morekisi, ke ile ka khona ho mo fumanela lijo tse ling. O ile a ntšoara ka letsoho, ’me ho tloha ka nako eo a ba mosa ho ’na.” Na u bona kamoo mantsoe a bonolo a ka bang matla kateng? Joalokaha Liproverbia e bolela, “leleme le bonolo le ka roba lesapo.”—Liproverbia 25:15.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela