Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ntate le Bara ba Hae ba Marabele
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 11, 12. (a) Hlalosa boemo bo bobe ba Juda. (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho utloela Juda bohloko?

      11 Ka mor’a moo Esaia o leka ka tieo ho behela batho ba Juda mabaka ka ho ba bontša ka ho hlaka boemo ba bona ba ho kula. O re: “Le sa ntse le tla otloa hokae hape, kaha le eketsa bofetoheli?” Ha e le hantle, Esaia oa ba botsa: ‘Na ha lea utloa bohloko ka ho lekaneng? Ke hobane’ng ha le ipakela kotsi e eketsehileng ka ho tsoela pele le etsa borabele?’ Esaia o tsoela pele: “Hlooho eohle ea kula, ’me pelo eohle e tepeletse. Ho tloha bohatong ba leoto ho ea fihla hloohong ha ho karolo e phelang hantle ho oona.” (Esaia 1:5, 6a) Juda e boemong bo nyonyehang, ba ho kula—e kula moeeng ho tloha hloohong ho isa leotong. Ka sebele ke tlhaloso ea boloetse e tepeletsang hakaakang!

      12 Na re lokela ho utloela Juda bohloko? Le hanyenyane! Makholo a lilemo pele ho moo, sechaba sohle sa Iseraele se ile sa lemosoa ka ho loketseng ka kotlo ea ho se mamele. Karolo ea seo ba ileng ba se bolelloa ke ena: “Jehova o tla u otla ka lethopa le bolaeang mangoleng ka bobeli le maotong ka bobeli, le ke keng la fola, ho tloha bohatong ba leoto ho ea har’a hlooho.” (Deuteronoma 28:35) Ka kutloisiso ea tšoantšetso, hona joale Juda e utloisoa bohloko ke liphello tsa tsela ea eona ea ho ba manganga. ’Me sena sohle se ka be se qobiloe hoja feela batho ba Juda ba ne ba ile ba mamela Jehova.

      13, 14. (a) Juda e ntšitsoe likotsi life? (b) Na mahlomola a Juda a etsa hore e nahanisise ka tsela ea eona ea borabele?

      13 Esaia o tsoela pele ho hlalosa boemo ba Juda bo hlomolang: “Maqeba le matetetso le metopa e mecha—ha lia pepetoa le ha e le ho tlamisoa, kapa ho thapisoa ka oli.” (Esaia 1:6b) Mona moprofeta o bua ka mefuta e meraro ea likotsi: maqeba (ho sehoa, ho kang ho bakoang ke sabole kapa thipa), matetetso (ho ruruha ho bakoang ke ho otloa) le metopa e mecha (maqeba a macha a hlenhlaneng, ao ho bonahalang eka a ke ke a fola). Maikutlo a fetisoang mona ke a motho ea otliloeng ka sehlōhō ka mokhoa o mong le o mong oo motho a ka o nahanang, ho se moo a sa tsoang teng kotsi ’meleng. Ka sebele Juda e boemong bo hlomolang pelo.

      14 Na boemo ba Juda bo hlomolang pelo bo e susumelletsa hore e khutlele ho Jehova? Che! Juda e tšoana le lerabele le hlalositsoeng ho Liproverbia 29:1: “Motho ea khalemeloang ka ho pheta-pheta empa a thatafatsa molala o tla robeha ka tšohanyetso, ’me o ke ke oa fola.” Ho bonahala eka sechaba sena se ke ke sa hlola se phekoloa. Joalokaha Esaia a bolela, maqeba a sona ‘ha aa pepetoa leha e le ho tlamisoa, kapa ho thapisoa ka oli.’b Ka kutloisiso e itseng, Juda e tšoana le leqeba le hlenhlaneng, le sa tlamisoang le kekelang hohle.

      15. Re ka itšireletsa boloetseng ba moea ka litsela life?

      15 Seo re ithutang sona ho Juda ke hore re tlameha ho lula re itebetse khahlanong le ho kula moeeng. Joaloka boloetse ba ’mele, ho ka ama leha e le mang oa rōna. Etsoe ke mang ho rōna eo ho ke keng ha etsahala hore a susumetsoe ke litakatso tsa nama? Meharo le ho lakatsa menyaka ka ho feteletseng li ka mela ka metso lipelong tsa rōna. Kahoo, ho hlokahala hore re ikoetlisetse ho ‘nyonya se khopo’ le ho ‘khomarela se molemo.’ (Baroma 12:9) Hape ho hlokahala hore re hlaolele litholoana tsa moea oa Molimo bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. (Bagalata 5:22, 23) Ka ho etsa joalo, re tla qoba boemo bo ileng ba hlasela Juda—ba ho kula moeeng ho tloha hloohong ho isa leotong.

  • Ntate le Bara ba Hae ba Marabele
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • b Mantsoe a Esaia a bontša mokhoa oa phekolo oa mehleng ea hae. Mofuputsi e mong oa Bibele E. H. Plumptre oa hlokomela: “Ho ‘koala’ kapa ho ‘pepeta’ leqeba le petlang e ne e le mokhoa o lekoang pele bakeng sa ho ntša bolalu; ebe joale lea ‘tlamisoa,’ ho tšetsoe moriana oa maqeba, joaloka tabeng ea Ezekiase (khao. xxxviii. 21), ka mor’a moo ho sebelisoe oli e potlakisang ho fola kapa setlolo se thobang, mohlomong joaloka ho Luka x. 34, ho ne ho sebelisoa oli le veine bakeng sa ho hloekisa leqeba.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela