Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Mokhethoa oa ka, eo Moea oa ka o mo Amohetseng!”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 13. Jehova o profeta eng ka Mohlanka oa hae ea Khethiloeng?

      13 Esaia o tsoela pele: “Sena ke seo Molimo oa ’nete, Jehova, a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo le E Moholo ea a otlollang; Ea alang lefatše le lihlahisoa tsa lona, Ea fanang ka phefumoloho ho batho ba ho lona, le moea ho ba tsamaeang ho lona.” (Esaia 42:5) Ke tlhaloso e matla hakaakang e hlalosang Jehova, ’Mōpi! Khopotso ena ea hore Jehova o matla e etsa hore seo a se buang se be le matla a eketsehileng. Jehova o re: “’Na, Jehova, ke u bitsitse ka ho loka, eaba ke u tšoara ka letsoho. Ke tla u sireletsa ’me ke nehelane ka uena joaloka selekane sa batho, joaloka leseli la lichaba, hore u tutubolle mahlo a foufetseng, u ntše motšoaruoa chankaneng e ka tlas’a mohaho, le hore ba lutseng lefifing u ba ntše ka tlung ea botlamuoa.”—Esaia 42:6, 7.

  • “Mokhethoa oa ka, eo Moea oa ka o mo Amohetseng!”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 15, 16. Jesu o ile a sebeletsa e le “leseli la lichaba” joang?

      15 Joaloka “leseli la lichaba,” Mohlanka ea tšepisitsoeng o tla tutubolla “mahlo a foufetseng” ’me a lokolle “ba lutseng lefifing.” Ke sona seo Jesu a ileng a se etsa. Ka ho paka ’nete, Jesu o ile a tlotlisa lebitso la Ntate oa hae oa leholimo. (Johanne 17:4, 6) O ile a pepesa mashano a bolumeli, a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, ’me a bulela ba botlamuoeng ba bolumeli monyako o isang tokolohong ea moea. (Matheu 15:3-9; Luka 4:43; Johanne 18:37) O ile a lemosa hore ho se ke ha etsoa mesebetsi ea lefifi ’me a pepesa Satane e le “ntate oa leshano” le “’musi oa lefatše lena.”—Johanne 3:19-21; 8:44; 16:11.

      16 Jesu o ile a re: “Ke ’na leseli la lefatše.” (Johanne 8:12) O ile a ipaka e le leseli ka tsela e tsotehang ha a nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le thekollo. Kahoo, o ile a bulela ba bontšang tumelo tsela ea ho tšoareloa libe, ho ba le kamano e amohelehang le Molimo le tebello ea ho phela ka ho sa feleng. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Ka ho boloka boinehelo bo phethahetseng ba bomolimo bophelong bohle ba hae, Jesu o ile a tšehetsa bobusi ba Jehova ’me a paka Diabolose e le ea leshano. Ka sebele Jesu o ile a etsa hore ba foufetseng ba bone a ba a lokolla ba teronkong ea lefifi la moea.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela