Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 25, 26. Phatlalatsong ea hae ea boraro le ea bone ea bomalimabe, ke monahano ofe o khopo oa Baiseraele oo Esaia a o pepesang?

      25 Joale utloa phatlalatso ea boraro le ea bone ea bomalimabe ea Esaia: “Ho malimabe ba hulang phoso ka liropo tsa leshano, le sebe joalokaha eka ke ka lithapo tsa koloi; ba reng: ‘Mosebetsi oa hae o ke o potlake; o ke o tle kapele, e le hore re ka o bona; morero oa Mohalaleli oa Iseraele o ke o atamele ’me o tle, e le hore re ka o tseba!’ Ho malimabe ba reng botle ke bobe le bobe ke botle, ba behang lefifi sebakeng sa khanya le khanya sebakeng sa lefifi, ba behang ho baba sebakeng sa monate le monate sebakeng sa ho baba!”—Esaia 5:18-20.

      26 Ke papiso e hlakileng hakaakang ea batho ba tloaetseng ho etsa sebe! Ba khomaretse sebe feela joalokaha liphoofolo tse hulang thoto li hokelloa likariking. Baetsalibe bana ha ba tšabe letsatsi leha e le lefe le tlang la kahlolo. Ka ho soma, ba re: “[Mosebetsi oa Molimo] o ke o potlake!” Ho e-na le hore ba ikokobeletse Molao oa Molimo, ba sotha litaba, ba phatlalatsa hore “botle ke bobe le bobe ke botle.”—Bapisa le Jeremia 6:15; 2 Petrose 3:3-7.

  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • [Setšoantšo se leqepheng la 83]

      Moetsalibe o khomaretse sebe feela joalokaha phoofolo e hulang thoto e hokelloa kariking

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela