Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘A re Lokiseng Litaba’
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 1, 2. Ke bo-mang bao Jehova a bapisang babusi le batho ba Jerusalema le ba Juda le bona, hona ke hobane’ng ha see se loketse?

      BAAHI ba Jerusalema ba ka ’na ba ikutloa ba e-na le tšekamelo ea ho itokafatsa ka mor’a hore ba utloe ho nyatsuoa ho tlalehiloeng ho Esaia 1:1-9. Ha ho pelaelo hore ka boikhohomoso ba ka rata ho bua ka mahlabelo ’ohle ao ba a nyehelang ho Jehova. Leha ho le joalo, temana ea 10 ho isa ho ea 15 li fana ka karabo ea Jehova e bontšang hore boikutlo bo joalo ke ba lefeela. E qala tjena: “Utloang lentsoe la Jehova, lōna bahatelli ba Sodoma. Mamelang molao oa Molimo oa rōna, lōna batho ba Gomora.”—Esaia 1:10.

      2 Batho ba Sodoma le Gomora ha baa ka ba timetsoa feela ka lebaka la mekhoa ea bona e feteletseng ea likamano tsa botona le botšehali empa hape ba ile ba timetsoa ka lebaka la boikutlo ba bona ba ho ba le lipelo tse thata le ba boikakaso. (Genese 18:20, 21; 19:4, 5, 23-25; Ezekiele 16:49, 50) E tlameha ebe bamameli ba Esaia ba ile ba tšoha ha ba utloa ba bapisoa le batho ba metse eo e rohakiloeng.a Empa Jehova o bona batho ba hae kamoo ba leng kateng, ’me Esaia ha a bebofatse molaetsa oa Molimo e le hore “litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.”—2 Timothea 4:3.

  • ‘A re Lokiseng Litaba’
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • a Ho ea ka neano ea boholo-holo ea Bajuda, Morena Manase ea khopo o ile a laela hore Esaia a bolaoe, a sakhoe likoto. (Bapisa le Baheberu 11:37.) Mohloli o mong o bolela hore, e le hore ho lihuoe kahlolo ena ea lefu, moprofeta oa bohata o ile a sebelisa qoso e latelang khahlanong le Esaia: “O itse Jerusalema ke Sodoma, ’me o phatlalalitse hore likhosana tsa Juda le Jerusalema (ke) batho ba Gomora.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela