Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘A re Lokiseng Litaba’
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 9, 10. Bohloeki ke ba bohlokoa hakae borapeling ba rōna ho Jehova?

      9 Jehova, Molimo ea nang le kutloelo-bohloko, joale o bontša boikutlo bo mofuthu, bo ipiletsang haholoanyane. “Itlhatsoeng; itlhoekiseng; tlosang bobe ba mesebetsi ea lōna ka pel’a mahlo a ka; khaotsang ho etsa bobe. Ithuteng ho etsa se molemo; batlang toka; lokisang mohatelli; ahlolelang moshanyana ea se nang ntate; buellang nyeoe ea mohlolohali.” (Esaia 1:16, 17) Mona re fumana letoto la litaelo tse robong, kapa melao. Tse ’nè tse qalang ke tse sa thabiseng ka kutloisiso ea hore li ama ho tlosoa ha libe; tse hlano tsa ho qetela ke liketso tse thabisang tse lebisang ho fumaneng tlhohonolofatso ea Jehova.

      10 Kamehla ho itlhatsoa le bohloeki e ’nile ea e-ba karolo ea bohlokoa ea borapeli bo hloekileng. (Exoda 19:10, 11; 30:20; 2 Bakorinthe 7:1) Empa Jehova o batla bohloeki bo tebileng le ho feta, bo fihlang lipelong tsa barapeli ba hae. Habohlokoa ka ho fetisisa ke bohloeki boitšoarong le moeeng, ’me sena ke sona seo Jehova a buang ka sona. Litaelo tse peli tsa pele tse temaneng ea 16 hase pheta-phetane feela tjee. Setsebi sa puo ea Seheberu se fana ka maikutlo a hore “itlhatsoeng” ea pele, e bolela mohato oa ho qala oa ho itlhoekisa, athe “itlhoekiseng” ea bobeli, e bolela boiteko bo tsoelang pele ba ho boloka bohloeki boo.

      11. Hore re loantše sebe, ke’ng seo re lokelang ho se etsa, hona ke’ng seo le ka mohla re sa lokelang ho se etsa?

      11 Ha ho letho leo re ka le patelang Jehova. (Jobo 34:22; Liproverbia 15:3; Baheberu 4:13) Kahoo taelo ea hae e reng, “Tlosang bobe ba mesebetsi ea lōna ka pel’a mahlo a ka,” e ka bolela ntho e le ’ngoe feela—ho khaotsa ho etsa bobe. Seo se bolela ho se leke ho pata libe tse tebileng, kaha ho etsa joalo ka bohona ke sebe. Liproverbia 28:13 ea lemosa: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.”

  • ‘A re Lokiseng Litaba’
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 14. Ke molaetsa ofe o molemo o fetisoang ho Esaia 1:16, 17?

      14 Jehova o fetisa molaetsa o matla le o molemo hakaakang ka litaelo tsee tse robong! Ka linako tse ling batho ba keneletseng sebeng ba ikholisa hore ho hang ha ba na matla a ho etsa se lokileng. Maikutlo a joalo aa nyahamisa. Ho feta moo, a fosahetse. Ho e-na le hoo, Jehova oa tseba—ebile o batla hore re tsebe—hore ka thuso ea Hae, moetsalibe leha e le ofe a ka khaotsa tsela ea hae ea boetsalibe, a sokoloha, ’me a etsa se lokileng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela