-
Molimo ea ‘Ikemiselitseng ho Tšoarela’Atamela ho Jehova
-
-
“Libe tsa lona . . . li tla ba tšoeu joaloka lehloa”
10. Ha Jehova a re tšoaretse libe, ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikutloa re le molato ka lebaka la libe tseo re ileng ra li etsa?
10 Na u kile oa leka ho tlosa letheba seaparong se ’mala o khanyang? Mohlomong ho sa tsotellehe boiteko bo matla ka ho fetisisa boo u ileng oa bo etsa, letheba le ile la sala le ntse le bonahala. Hlokomela kamoo Jehova a hlalosang matla a hae a ho tšoarela kateng, o re: “Le hoja libe tsa lona li le khubelu, li tla ba tšoeu joaloka lehloa. Le hoja li le khubelu tlere! li tla ba tšoeu joaloka boea.” (Esaia 1:18) Re ke ke ra tlosa letheba la sebe ka matla a rona. Empa Jehova a ka tlosa libe tse bonahalang li le khubelu tlere! ’me a li soeufatsa tsa ba joaloka lehloa kapa boea bo sa dauoang. Ha Jehova a re tšoarela libe, ha ho hlokahale hore re qete bophelo bohle ba rona re ikutloa re le molato ka lebaka la libe tseo re ileng ra li etsa.
-
-
Molimo ea ‘Ikemiselitseng ho Tšoarela’Atamela ho Jehova
-
-
4. Jehova o hopola eng ka tsela eo re bopiloeng ka eona, hona see se ama tsela eo a re tšoarang ka eona joang?
-