Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšepa Jah Jehova!
    Molula-Qhooa—1988 | January 15
    • 1, 2. Ke pina efe ea thabo le thoriso e boleloang ho Esaia 26:1-6, ’me hobane’ng?

      HO KOKOBETSOA ha ‘motse oa lichaba tse matla’ ho tlisa pina ea tlhōlo! (Esaia 25:3) Ka ho loketseng he, boprofeta bo ho Esaia khaolo ea 26, litemana 1 ho ea ho 6 li fana ka pina ea thabo ea thoriso ho Morena ea Phahameng Jehova. Le hona joale e binoa “naheng ea Juda,” Juda e bolelang “e Rorisoang.” Le hona mona, King James Version e sebelisa mantsoe “MORENA JEHOVA” moo lebitso la Molimo le phetoang habeli. Empa mantsoe a pina ena ke a hlollang hakaakang joalokaha a ngotsoe ho New World Translation, e ngotseng ka nepo lebitso la Molimo ka makhetlo ’ohle ao le hlahang ka oona!

      2 Joale mamela pina eo e monate: “Re na le motse o matla. O [Jehova] beha poloko ka boeona e le lerako la tširelo. Bulang menyako, lōna batho, sechaba se lokileng se nang le boitšoaro bo tšepahalang se ke se kene. Tšekamelo e tšehelitsoeng hantle o tla e sireletsa khotsong e sa feleng, hobane motho o entsoe hore a tšepe uena. Tšepang Jehova, lōna sechaba, ka mehla le mehla, hobane Jah Jehova ke Lefika la ka ho sa feleng. Hobane o kokobelitse ba lutseng linģalong tse phahameng, motseng o phahameng. Oa o theola, o o theolela lefatšeng; o etsa hore o thetse lerōle. Leoto le tla o hatakela, e leng maoto a ba hlorisoang, mehato ea ba tujoang.” Ke thabo e kaakang ho ba har’a ba nang le tšepo ba binang pina ee—e leng Lipaki tsa Jehova!

  • Tšepa Jah Jehova!
    Molula-Qhooa—1988 | January 15
    • 4, 5. (a) “Motse o phahameng” ke eng, ’me ke joang batho ba Jehova ba o hatakelang ka tsela ea tšoantšetso? (b) Boprofeta ba Esaia 26:10 bo phethahala haholo neng, hona joang? (c) Boprofeta bona bo boetse bo sebetsa joang hape?

      4 Ha re ntse re tsebahatsa temoso ea hore Jehova o tla tloha a rapalatsa “motse o phahameng,” “Babylona e Moholo,” ke ho khothatsang ho bona ba tujoang le bafumanehi ba lefatše ba amohela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Tšenolo 18:2, 4, 5) Ka tšoantšetso, le bona ba hatakela “motse o phahameng,” e seng ka ho kopanela mosebetsing oa ho timetsa, empa hobane le bona ba kopanetse ho boleleng letsatsi la liphetetso tsa Jehova holim’a tsamaiso eo e silafetseng. (Esaia 61:1, 2) Joale ka lilemo tse mashome-shome, Lipaki tsa Jehova li bontšitse mosa esita le ho batho ba khopo ka ho ba etela malapeng a bona ka molaetsa oa ’Muso o bolokang bophelo. Empa phello ebile joalokaha ho boletsoe ho Esaia 26:10: “Motho e mobe ha a ka hauheloa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ea toka, e ’ne e be motho ea khopo, ’me ha a talime boholo ba Jehova.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela