Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
    • 3, 4. (a) Esaia o ile a profeta eng mabapi le ‘mehla ea bofelo’? (b) Ke lipotso life tse hlokang karabo?

      3 Lilemo tse fetang 700 pele ho Kreste, Esaia o ne a ile a profeta hore batho ba lichaba tsohle ba ne ba tla bokana borapeling ba ’nete ba Jehova ’me ba ne ba sa tl’o hlola ba ithuta ntoa. O itse: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, . . . ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. Jehova o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”a​—⁠Esaia 2:​2-⁠4.

      4 Har’a malumeli ’ohle a lefatše, ke bofe bo ipabotseng ka ho finyella litlhokahalo tsee? Ke bafe ba hanneng ho ithuta ntoa ho sa tsotellehe ho kenngoa lichankaneng, likampong tsa mahloriso, le ho ahloleloeng lefu?

      Lerato la Bokreste le ho se Jele Paate ha Bokreste

      5. Lipaki tsa Jehova ka bomong li entse tlaleho ea mofuta ofe ea ho se jele paate ha Bokreste, hona hobane’ng?

      5 Lefatšeng ka bophara Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka boemo ba tsona ba motho ka mong ba ho se loane ka lebaka la ho se jele paate ha tsona ha Bokreste. Ho theosa le lekholo lena la lilemo la bo20 li ’nile tsa mamella ho kenngoa lichankaneng, likampong tsa mahloriso, ho hlokofatsoa, ho lelekoa linaheng tseo li leng ho tsona, le ho hlorisoa ka lebaka la ho hana ho tela lerato la tsona le bonngoe ba tsona e le phutheho ea lefatše ka bophara ea Bakreste ba huletsoeng ho Molimo. Jeremane ea Bonazi lilemong tsa bo-1933-45, ho ile ha shoa Lipaki tse ka bang sekete ’me tse likete li ile tsa kenngoa litlamong ka lebaka la ho hana ha tsona ho sebelisana le boiteko ba Hitler ba ntoa. Ka ho tšoanang, tlas’a Franco Spain eo e neng e le ea Bofasista, Lipaki tse nyenyane tse makholo li ile tsa ea chankaneng ’me tse ngata ka karolelano tsa qeta lilemo tse leshome motho ka mong lichankaneng tsa sesole ho e-⁠na le ho ithuta ho loana. Ho tla fihlela kajeno linaheng tse ngata, Lipaki tse ngata tse nyenyane tsa Jehova li phela mahlomoleng lichankaneng ka lebaka la boemo ba tsona ba ho se jele paate ha Bokreste. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ha li kena-kenane le mebuso mananeong a eona a sesole. Ho se jele paate ha Bokreste ho sa thekeseleng ha Lipaki litabeng tsa lipolotiki e bile mokhoa o mong o sa fetoheng oa tumelo ea tsona har’a likhohlano tsohle le lintoa tsa lekholong la lilemo la bo20. Ho hatisa hore ke balateli ba ’nete ba Kreste ’me ho li arola malumeling a Bokreste-’mōtoana.​—⁠Johanne 17:​16; 2 Ba-Korinthe 10:​3-⁠5.

      6, 7. Lipaki tsa Jehova li utloisisa eng ka Bokreste?

      6 Ka ho tšoarella Bibeleng le mohlaleng oa Kreste, Lipaki tsa Jehova li bontša hore li sebelisa borapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova. Li lemoha lerato la Molimo joalokaha le bonahalitsoe bophelong ba Jesu le sehlabelong sa hae. Li utloisisa hore lerato la ’nete la Bokreste le fella ka boena bo sa arohanngoeng lefatšeng ka bophara​—⁠bo phahamelang likarohano tsa bopolotiki, morabe, le bochaba. Ka mantsoe a mang, Bokreste hase feela ntho ea machaba; bo phahametse bochaba, bo tšela meeli ea lichaba, matla a lichaba, kapa lithahasello tsa lichaba. Bo talima morabe oa motho e le lelapa le le leng le nang le motsoali a le mong le le nang le ’Mōpi ea tšoanang, Jehova Molimo.​—⁠Liketso 17:​24-28; Ba-Kolosse 3:​9-⁠11.

  • Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
    • a  Polelo ena e qetellang e fumanoa “Leboteng la Esaia” ka pele ho mehaho ea Machaba a Kopaneng hammoho le seemahaleng se lirapeng tsa Machaba a Kopaneng, ’me haele hantle, phethahatso ea eona ke e ’ngoe ea lipakane tsa Machaba a Kopaneng.

  • Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
    • [Litšoantšo tse leqepheng la 346]

      Seemahale sa Machaba a Kopaneng se re: “Re tla tea marumo a rōna mehoma”; “Lebota la Esaia” le na le temana ena ea Bibele

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela