Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Marena Ana a Loantšanang a Tla Tloha a Timela
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • ‘HO SUTUTSANA’ NAKONG EA BOFELO

      15. Morena oa boroa o ile a ‘sututsana’ le morena oa leboea joang?

      15 Lengeloi le ile la re ho Daniele: “Nakong ea bofelo morena oa boroa o tla kopanela le eena ho sututsaneng.” (Daniele 11:40a) Na morena oa boroa o ‘sutulitse’ morena oa leboea “nakong ea bofelo”? (Daniele 12:4, 9) Ho joalo, ka sebele. Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, selekane sa khotso se neng se entsoe ka morero oa ho otla morena oa leboea—e leng Jeremane—seo a ileng a qobelloa ho kena ho sona, ha e le hantle e ne e le ‘ho sututsa,’ ho hlohlelletsa boiphetetso. Ka mor’a hore morena oa boroa a hlōle ntoeng ea bobeli ea lefatše, o ile a shebisa lihlomo tsa hae tse tšosang tsa nyutlelie ho eo a qothisanang lehlokoa le eena ’me a hlophisa selekane se matla sa sesole se bitsoang North Atlantic Treaty Organization (NATO) khahlanong le eena. Mabapi le mosebetsi oa NATO, rahistori e mong oa Brithani o re: “E ne e le kofuto e ka sehloohong ea ‘ho khina’ USSR, eo joale e neng e talingoa e le tšokelo e ka sehloohong ea khotso ea Europe. Mosebetsi oa eona o ile oa nka lilemo tse 40 ’me o ile oa etsoa ka katleho e ke keng ea latoloa.” Ha lilemo tsa Ntoa ea Mantsoe li ntse li feta, ‘ho sututsa’ ha morena oa boroa ho ile ha akarelletsa bohloela bo etsoang ka theknoloji e phahameng, leqheka la ho loana ka lipuisano pakeng tsa linaha le ka ho hlasela ka ntoa.

      16. Morena oa leboea o ile a itšoara joang ha a sututsoa ke morena oa boroa?

      16 Morena oa leboea o ile a itšoara joang? “Morena oa leboea o tla mo futuhela ka likoloi le ka banna ba lipere le ka likepe tse ngata; ’me ka sebele o tla kena linaheng ’me a hohole ’me a fete.” (Daniele 11:40b) Histori ea matsatsi a bofelo e bontšitse leano la morena oa leboea la ho eketsa linaha tseo a li busang. Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, “morena” oa Bonazi o ile a tlōla meeli ea hae a kena linaheng tsa boahisani. Ha ntoa eo e lala, “morena” oa mohlahlami o ile a haha ’muso o moholo. Nakong ea Ntoa ea Mantsoe, morena oa leboea o ile a loana le eo a qothisanang lehlokoa le eena lintoeng tseo ba neng ba jela paate ho tsona le liphetohelong Afrika, Asia le Latin America. O ile a hlorisa Bakreste ba ’nete, a sitisa mosebetsi oa bona, empa ho hang ha aa ka a o emisa. ’Me litlhaselo tsa hae tsa ntoa le tsa lipolotiki li ile tsa etsa hore a laole linaha tse ngata. Sena ke sona seo lengeloi le neng le se profetile: “Hape, o tla hle a kene naheng ea Mokhabiso [e leng lefa la moea la batho ba Jehova], ’me ho tla ba le linaha tse ngata tse tla etsoa hore li khoptjoe.”—Daniele 11:41a.

  • Marena Ana a Loantšanang a Tla Tloha a Timela
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • [Litšoantšo tse leqepheng la 279]

      ‘Ho sututsa’ ha morena oa boroa ho akarellelitse bohloela bo etsoang ka theknoloji e phahameng le ho sokela ka ntoa

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela