Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 37—Haggai
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 5. Ke eng e pakang hore buka ea Haggai ke karolo ea libuka tsa Bibele?

      5 Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le pelaelo har’a Bajode ka boprofeta ba Haggai hore ke karolo e amohelehang ea Mangolo a Seheberu, ’me sena se boetse se tšehetsoa ka hore a qotsoe ho Esdrase 5:1 e le ea profetang “ka lebitso la Molimo oa Iseraele,” hammoho le ho Esdrase 6:14. Hore boprofeta ba hae ke karolo ea ‘Lengolo lohle le bululetsoeng ke Molimo’ ho pakoa ke hore Pauluse a bo qotse ho Ba-Heberu 12:26, (BPN): “O boletse hona, a re: ‘Ke sa tla boela ke reketlisa lefatše hanngoe hape; e seng lona feela, empa le lona leholimo.’”—Hag. 2:6.

  • Buka ea Bibele ea 37—Haggai
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 10. Bajode ba bang ba ikutloa joang ka tempele eo ba e hahang, empa Jehova o tšepisa eng?

      10 Molaetsa oa bobeli (2:1-9). Ha feta nako e ka tlaase ho khoeli ka mor’a hore tšebetso ea ho haha e tsosolosoe, ’me Haggai o fana ka molaetsa oa hae oa bobeli o bululetsoeng. Ona o lebisitsoe ho Zorobabele, Joshua, le masala a sechaba. Ka ho totobetseng Bajode ba bang ba khutlileng botlamuoeng ’me ba ile ba bona tempele ea pele ea Salomone ba ikutloa hore tempele ena e ke ke ea e-ba letho ha e bapisoa. Empa polelo ea Jehova oa makhotla ke efe? ‘Khothalang le be le sebetse; hobane ke na le lōna.’ (2:4) Jehova o ba hopotsa selekane sa hae le bona, ’me o ba bolella hore ba se ke ba tšaba. O ba matlafatsa ka tšepiso ea hore o tla sisinya lichaba kaofela ’me a etse hore lintho tsa tsona tse lakatsehang li kene le hore o tla tlatsa ntlo ea hae ka khanya. Khanya ea ntlo ena ea morao e tla ba kholoanyane le ho feta ea ea pele, ’me sebakeng sena o tla fana ka khotso.

  • Buka ea Bibele ea 37—Haggai
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 16. Boprofeta ba Haggai bo na le kamano efe le tšepo ea ’Muso, hona e lokela ho re susumelletsa tšebeletsong efe kajeno?

      16 Ho thoe’ng ka boprofeta ba hore Jehova o tla ‘sisinya leholimo le lefatše’? Moapostola Pauluse o fana ka tšebetso ea Haggai 2:6 ka mantsoe ana: “Empa kajeno [Molimo] o boletse hona, a re: ‘Ke sa tla boela ke reketlisa lefatše hanngoe hape; e seng lona feela, empa le lona leholimo.’ Joale mantsoe ana, ‘hanngoe hape’, a bolela ho tlosoa ha lintho tse ka sisinngoang, tse bōpiloeng, hore ho tle ho sale tse ke keng tsa sisinngoa. Kaha re amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa, a re leboheng, re sebeletse Molimo ka mokhoa o khahlisang, ka tšabo le hlompho, hobane Molimo oa rōna ke mollo o chesang lore!” (Ba-Heb. 12:26-29, BPN) Haggai o bontša hore ho reketlisa hona ke hore ho tle ho ‘rapalatsoe literone tsa mebuso, ho timeletsoe matla a mebuso ea lichaba.’ (Hag. 2:21, 22) Ha a qotsa boprofeta bona, ka papiso Pauluse o bua ka ’Muso oa Molimo “o ke keng oa sisinngoa.” Ha re nahana ka tšepo ea ’Muso ona, a re beng ‘matla ’me re sebetse,’ re etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang. A re hopoleng hape hore pele Jehova a ketola lichaba tsa lefatše, ho na le ntho ea bohlokoa e lokelang ho fuluhuoa ’me e tsoe ho tsona, bakeng sa pholoho: “Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya, ho bolela Jehova oa makhotla.”—2:4, 7.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela