Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ikemisetse ho Rua Moeeng
    Tsoha!—2007 | June
    • Ikemisetse ho Rua Moeeng

      HORE motho e be morui ho hlokahala hore a etse boiteko. Ho joalo le tabeng ea ho rua moeeng. Mantsoe a builoeng ke Jesu a bontša sena, ha a ne a re: “Le ipolokele matlotlo leholimong.” (Matheu 6:20) Leruo la moea ha le itlele feela. Ho ba le bolumeli ho ke ke ha etsa hore motho e be ea ruileng moeeng, ho tšoana feela le motho ea nang le ak’haonte bankeng, seo ha se mo etse morui. Ho hlaolela ho ba le kamano e haufi le Molimo, ho hōla moeeng le ho ba le litšoaneleho tse ntle tsa moea ho hloka boikemisetso, nako, boiteko bo matla le ho itela.—Liproverbia 2:1-6.

  • Ikemisetse ho Rua Moeeng
    Tsoha!—2007 | June
    • Melemo e ke Keng ea Bapisoa le Letho

      Ho fapana le matlotlo a lefatšeng ao masholu a ka a utsoang, maruo a moea ke a ka ho sa feleng. (Liproverbia 23:4, 5; Matheu 6:20) Ke ’nete hore katleho ea moea ha e bonahale habonolo. Ha ho bonolo ho bona hore na motho o se a hatetse pele hakae leratong, thabong le tumelong ea hae ho tšoana le khatelo-pele ea hae licheleteng. Empa moputso oa ho rua moeeng o ke ke oa bapisoa le letho. Jesu ha a bua ka barutuoa ba hae ba neng ba tla tlohela matlo a bona le masimo a bona, ke hore mokhoa oa bona oa boipheliso e le hore ba fumane nako ea lintho tsa moea, o ile a re: “Kannete ke re ho lōna, Ha ho ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea ke keng a fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè le bana le masimo, hammoho le mahloriso, ’me tsamaisong ea lintho e tlang a fumane bophelo bo sa feleng.”—Mareka 10:29, 30.

      U tla beha eng pele bophelong ba hao? Molimo kapa maruo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela