Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ba Koetlisetsoa ho Bolela le Har’a Mahloriso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Jesu o fa baapostola ba hae litaelo tse hlakileng le tse utloahalang tsa hore na ba lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli joang. Leha ho le joalo, ha a felle moo. Ka mosa o ba lemosa ka bahanyetsi ba bona o re: “Bonang! Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri . . . Itebeleng khahlanong le batho, etsoe ba tla nehelana ka lona makhotleng a libaka, ’me ba tla le shapa ka lisynagogeng tsa bona. Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka.”​—Matheu 10:​16-18.

  • Ba Koetlisetsoa ho Bolela le Har’a Mahloriso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Jesu o fa baapostola ba hae litaelo le likeletso ebile o ba khothatsa ka tsela e tsotehang. Leha ho le joalo, litaelo tsena li boetse li lokela ho mameloa ke balateli ba Jesu ba tla etsa mosebetsi oa boboleli ka mor’a hore a shoe le ho tsosoa bafung. Re elelloa sena mantsoeng a Jesu ha a re barutuoa ba hae ba tla “hlouoa ke batho bohle,” eseng feela ke batho bao baapostola ba rongoeng ho bona. Hape, ha ho moo re utloang ho thoe baapostola ba ile ba hulanyetsoa ka pel’a mebuso le marena nakong ena e khutšoanyane eo ba neng ba ntse ba bolela Galilea kapa hona hore ba malapa a bona ba ile ba nehela ka bona hore ba bolaoe.

      Ho hlakile hore Jesu ha aa nahana ka lintho tse tla etsahala hang-hang ha a bua lintho tsena ho baapostola ba hae. Hopola hore o ile a re barutuoa ba hae ba ke ke ba qeta mosebetsi oa bona “ho fihlela Mor’a motho a fihla.” Seo Jesu a se bolelang ke hore barutuoa ba hae ba ke ke ba qeta mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo pele a tla e se e le Morena ea tlotlisitsoeng le moahloli ea khethiloeng ke Molimo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela