-
Ho Itokisetsa ho Tobana le MahlorisoMolula-Qhooa—1987 | August 1
-
-
Ho feta moo, Jesu o tsoela pele, “ngoan’abo motho o tla neela ngoan’abo polaong, le ntat’a motho a etse ngoan’a hae joalo; bana ba tla tsohela batsoali ba bona matla, ba ba bolaee.” Oa phaella: “Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ea tiisetsang ho isa qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”
-
-
Ho Itokisetsa ho Tobana le MahlorisoMolula-Qhooa—1987 | August 1
-
-
Ke ’nete hore taelo ena, temoso ena le khothatso ena, Jesu o fane ka tsona ho baapostola ba hae ba 12, empa li ne li boetse li reretsoe ba neng ba tla kopanela boboleling ba lefatše ka bophara kamor’a lefu la hae le tsoho ea hae. Hona ho bontšoa ke ’nete ea hore a re barutuoa ba hae ba ne ba tla ‘hlouoa ke batho bohle,’ e seng ke Baiseraele feela bao baapostola ba neng ba rometsoe ho ea ba bolella. Ho feta moo, ho bonahala baapostola ba sa ka ba huleloa ka pel’a babusi le marena ha Jesu a ba romela phutuhong ea bona e khutšoaane ea ho bolela. Ho feta moo, ka nako eo balumeli ba ne ba sa bolaoe ke litho tsa lelapa.
-