-
Jesu o Phahamisa ho Loka ha Molimo Joang?Molula-Qhooa—2010 | August 15
-
-
7. Jesu o ne a e-na le ntho efe ea bohlokoa?
7 Jesu o ile a bontša hore o ne a thahasella lintho tsa moea ka ho teba ka hore a be teng kamehla libokeng tsa borapeli. Kaha o ne a e-na le kelello e phethahetseng, e tlameha ebe o ne a utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e utloa le eo a neng a e bala Mangolong a Seheberu. (Luka 4:16) O ne a boetse a e-na le ntho ea bohlokoa—e leng ’mele o phethahetseng oo batho ba neng ba ka etsetsoa sehlabelo ka oona. Ha Jesu a ne a kolobetsoa, o ne a ntse a rapela ’me e ka ’na eaba o ne a ntse a nahana ka mantsoe a boprofeta ba Pesaleme ea 40:6-8.—Luka 3:21; bala Baheberu 10:5-10.a
-
-
Jesu o Phahamisa ho Loka ha Molimo Joang?Molula-Qhooa—2010 | August 15
-
-
a Mona moapostola Pauluse o qotsa Pesaleme ea 40:6-8 ho latela phetolelo ea Septuagint ea Segerike, e akarelletsang mantsoe a reng, “u ile ua ntokisetsa ’mele.” Poleloana ena ha e fumanehe liphetolelong tse teng hona joale tsa Mangolo a Seheberu a boholo-holo.
-