Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ithute ka Nikodemase
    Molula-Qhooa—2002 | February 1
    • Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng feela ka mor’a hore Jesu a qale tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Nikodemase o ile a hlokomela hore Jesu ‘ke mosuoe ea tlileng a tsoa ho Molimo.’ Nikodemase o ne a khahliloe ke mehlolo eo Jesu a neng a sa tsoa e etsa Jerusalema ka Paseka ea 30 C.E. ha a tla ho eena bosiu ho tla bolela hore o lumela ho Jesu le ho tla ithuta ho eketsehileng ka mosuoe enoa. Ke ntlheng ena moo Jesu a ileng a bolella Nikodemase ’nete e tebileng ea hore hoa hlokahala hore motho a “tsoaloe hape” e le hore a kene ’Musong oa Molimo. Ketsahalong ena, Jesu o eketsa ka mantsoe ana: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:1-16.

      Ho ne ho e-na le tšepo e babatsehang hakaakang bakeng sa Nikodemase! E ne e ka ba motsoalle ea haufi oa Jesu, ea bonang ka ho toba litšobotsi tse sa tšoaneng tsa bophelo ba Jesu lefatšeng. Kaha Nikodemase e ne e le ’musi oa Bajuda le mosuoe Iseraeleng, o ne a e-na le tsebo e ntle ea Lentsoe la Molimo. Hape, o ne a khona ho lemoha lintho, ’me sena se bonoa ka hore a lemohe hore Jesu ke mosuoe ea romiloeng ke Molimo. Nikodemase o ne a thahasella litaba tsa moea, ’me a ikokobelitse ka tsela e sa tloaelehang. E tlameha ebe ho ne ho le thata hakaakang bakeng sa setho sa lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la Bajuda ho lumela hore mora oa ’metli oa maemo a tlaase ke motho ea romiloeng ke Molimo! Litšoaneleho tseo kaofela ke tsa bohlokoa haholo bakeng sa motho hore e be morutuoa oa Jesu.

  • Ithute ka Nikodemase
    Molula-Qhooa—2002 | February 1
    • Pele ho tsohle, Johanne o ile a bontša hore ’musi enoa oa Mojuda o ile a “tla ho [Jesu] bosiu.” (Johanne 3:2) Setsebi se seng sa Bibele se fana ka tlhaloso e reng: “Nikodemase ha aa ka a tla bosiu ka lebaka la tšabo, empa o ne a batla ho qoba matšoele a neng a ka ’na a kena-kenana le puisano ea hae le Jesu.” Leha ho le joalo, Johanne o hlalositse hore Nikodemase ke “monna ea ileng a tla ho [Jesu] bosiu ka lekhetlo la pele” litemaneng tseo ho tsona a buang ka Josefa oa Arimathea e le “eo e neng e le morutuoa oa Jesu empa oa sephiri ka lebaka la ho tšaba Bajuda.” (Johanne 19:38, 39) Ka lebaka leo, ho ka etsahala hore ebe Nikodemase o ile a ea ho Jesu bosiu ka lebaka la “ho tšaba Bajuda,” feela joalokaha ba bang mehleng ea hae ba ne ba tšaba ho sebelisana le Jesu.—Johanne 7:13.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela