-
Jehova o Rata Batho ba ‘Behang Litholoana ka Mamello’Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | May
-
-
7. (a) Ke bo-mang ba emeloang ke “molemi,” “sefate sa morara” le “makala?” (b) Re tl’o fumana karabo ea potso efe?
7 Bala Johanne 15:1-5, 8. Hlokomela hore Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa ba ka.” Jesu o ile a hlalosa Jehova e le “molemi,” eena e le “sefate sa morara sa ’nete” ’me barutuoa ba hae bona e le “makala.”b Joale balateli ba Jesu ba lokela ho beha litholoana life? Papisong ena Jesu ha aa hlalosa ka ho hlaka hore na litholoana tseo ke’ng, empa o buile taba ea bohlokoa e tla re thusa hore re fumane karabo.
8. (a) Ke hobane’ng ha papiso ee e sa bolele hore ho beha litholoana ke ho thusa batho hore e be balateli ba Jesu? (b) Jehova o lebeletse’ng ho rona?
8 Ha Jesu a bua ka Ntate oa hae, o ile a re: “Lekala le leng le le leng le ho ’na, le sa beheng, oa le rema.” Jehova o re nka re le bahlanka ba hae hafeela re beha litholoana. (Mat. 13:23; 21:43) Leha le joalo, papiso ena ha e bolele hore ho beha litholoana ke ho thusa batho hore e be balateli ba Jesu. (Mat. 28:19) Haeba ho ne ho le joalo, Bakreste ba sa atleheng ho thusa batho ka lebaka la maemo a tšimo, ba ne ba tla be ba tšoana le makhasi a sa beheng papisong eo Jesu a buileng ka eona. Ho hlakile hore taba ena e ne e ke ke ea utloahala. Re ke ke ra qobella batho hore e be balateli ba Jesu. Ho etsa joalo ho ne ho tla be ho le khahlanong le tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona. Hobane’ng? Hobane ha a qobelle batho hore ba etse lintho tseo ba ke keng ba li khona. Taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a re fang eona ha e thata.—Deut. 30:11-14.
9. (a) Re ka beha litholoana ha re etsa mosebetsi ofe? (b) Re tl’o hlahloba papiso efe hona hobane’ng?
9 Ha e le hantle re lokela ho beha litholoana life? Ho hlakile hore ho beha litholoana ho itšetlehile ka tsela eo re sebetsang ka eona. Ke mosebetsi ofe o re thusang hore re behe litholoana? Ke oa ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo.c (Mat. 24:14) Papiso ea Jesu e buang ka mojali e tiisa taba ena. A re hlahlobeng papiso ea bobeli eo Jesu a buileng ka eona.
-
-
Jehova o Rata Batho ba ‘Behang Litholoana ka Mamello’Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | May
-
-
b Le hoja makala ao ho buuang ka ’ona papisong ena a hlalosa batho ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong, empa papiso ena e na le thuto ea bohlokoa bakeng sa bahlanka ba Jehova kaofela.
c Ho ‘beha litholoana’ ho boetse ho amahanngoa le ho bontša “litholoana tsa moea,” sehloohong sena le se latelang, re tla bua haholoanyane ka ‘litholoana tsa melomo ea rona’ kapa ho bolela ka ’Muso.—Bagal. 5:22, 23; Baheb. 13:15.
-