-
Re ka Etsa’ng ho Bontša Hore ha re Kenelle Lipolotiking?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 45
Re ka Etsa’ng ho Bontša Hore ha re Kenelle Lipolotiking?
Jesu o ile a re balateli ba hae e se ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19) Taba eo e akarelletsa ho se tšehetse lintoa le lipolotiki. Ke ’nete hore ha se kamehla ho leng bonolo hore re se ke ra kenella linthong tse joalo. Batho ba ka ’na ba re tšeha. Tabeng ee re ka bontša joang hore re tšepahalla Jehova Molimo?
1. Bakreste ba ’nete ba ikutloa joang ka mebuso ea batho?
Bakreste ba hlompha mebuso. Re etsa seo Jesu a se buileng ha a ne a re re ‘lefe Cesare lintho tsa Cesare.’ Seo se bolela hore re mamela melao ea naha, joaloka ho lefa lekhetho. (Mareka 12:17) Bibele e ruta hore Jehova ke eena ea lumeletseng mebuso ea batho hore e buse. (Baroma 13:1) Kahoo, rea utloisisa hore mebuso ea batho ha e na bolaoli bo lekanang le ba Molimo. Rea tseba hore ke Molimo oa rona feela le ’Muso oa hae o leholimong o tla rarolla mathata a batho.
2. Re ka bontša joang hore ha re kenelle lipolotiking?
Re etsisa Jesu ka ho se kenelle lipolotiking. Ha batho ba bona Jesu a etsa mohlolo o mong, ba ile ba leka ho mo etsa morena oa bona empa ha aa ka a lumela. (Johanne 6:15) Hobane’ng? Hamorao o ile a hlalosa lebaka a re: “ ’Muso oa ka ha se karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Kaha re barutuoa ba Jesu, re bontša ka litsela tse sa tšoaneng hore ha re tšehetse lipolotiki. Ka mohlala, ha re ee ntoeng. (Bala Mikea 4:3.) Re hlompha matšoao a naha joaloka folakha empa ha re a rapele. (1 Johanne 5:21) Ha re hanyetse ebile ha re tšehetse moeta-pele kapa mokhatlo leha e le ofe oa lipolotiki. Re bontša ka litsela tsena le tse ling hore re tšepahalla ’Muso oa Molimo ka ho feletseng.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Nahana ka maemo a ka etsang hore ho be thata ho se be karolo ea lefatše ’me u bone hore na u ka etsa’ng maemong ao hore u thabise Jehova.
3. Bakreste ba ’nete ha ba kenelle lipolotiking
Jesu le balateli ba hae ba re behetse mohlala. Bala Baroma 13:1, 5-7 le 1 Petrose 2:13, 14. Ka mor’a moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha babusi?
Re ka bontša ka litsela life tse ling hore rea ba hlompha?
Ha ho e-na le ntoa, linaha tse ling li thusa linaha tse loantšanang le hoja li bolela hore ha ho na naha eo li e tšehetsang. Ho se kenelle lipolotiking ho bolela’ng? Bala Johanne 17:16. Ka mor’a moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ho se kenelle lipolotiking ho bolela’ng?
Re lokela ho etsa’ng haeba babusi ba batla hore re etse lintho tse khahlanong le molao oa Molimo? Bala Liketso 5:28, 29. Ka mor’a moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Haeba molao oa batho o le khahlanong le molao oa Molimo, re lokela ho mamela mang?
U nahana hore ke maemong afe moo Bakreste ba ke keng ba mamela babusi?
4. Bontša ka liketso le ka seo u se nahanang hore ha u tšehetse lipolotiki
Bala 1 Johanne 5:21. Ka mor’a moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Videong ee, ke hobane’ng ha Ayenge a ile a etsa qeto ea hore e ke ke ea ba setho sa mokhatlo oa lipolotiki le ea hore o tla ba sieo ha ho etsoa lintho tsa bochaba tse kang ho lumelisa folakha?
Na u nahana hore o entse qeto e nepahetseng?
Ke maemong afe a mang ao ho ’ona re sa lokelang ho tšehetsa lipolotiki? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Re ka qoba ho ba karolo ea lefatše joang ha re shebeletse lipapali tse lipakeng tsa linaha tse fapaneng?
Re ka lula re sa kenelle lipolotiking joang le haeba liqeto tsa bo-ralipolotiki li re ama ka ho toba?
Lintho tseo re li utloang litabeng kapa ho batho bao re tloaelaneng le bona, li ka re susumetsa joang ha ho tluoa lipolotiking?
MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha u sa lumelise folakha kapa u sa bine pina ea sechaba?”
U tla mo araba joang?
KAKARETSO
Bakreste ba leka kahohle hore ba se ke ba kenella lipolotiking, ebang ke ka lintho tseo ba li nahanang, tseo ba li buang kapa tseo ba li etsang.
Re Ithutile’ng?
Re lokela ho ikutloa joang ka mebuso ea batho?
Ke hobane’ng ha re sa kenelle lipolotiking?
Ke lintho life tseo re sa lokelang ho li etsa e le hore re se ke ra kenella lipolotiking?
BATLA
Ke lintho life tseo re ka lokelang ho li tela e le hore re se ke ra kenella lipolotiking?
Malapa a ka etsa’ng ho itokisetsa maemo a ka etsang hore a kenelle lipolotiking?
Ke hobane’ng ha ho loanela naha e se eona ntho e ka tlisetsang motho tlotla e kholo ka ho fetisisa?
Nahana kamoo u ka lulang u se karolo ea lefatše kateng ha u etsa liqeto tse mabapi le mosebetsi.
“E Mong le e Mong o Tla Jara Mojaro oa Hae” (Molula-Qhooa, March 15, 2006)
-
-
U ka Khona ho Lula U Tšepahala Leha U HlorisoaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
Haufinyane Bakreste bohle ba tla hanyetsoa le ho hlorisoa. Na taba eo e lokela ho re tšosa?
1. Ke hobane’ng ha re lebeletse hore batho ba re hlorise?
Bibele e re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Jesu o ile a hlorisoa hobane e ne e se karolo ea lefatše. Le rona ha re karolo ea lefatše, kahoo ha re makale ha mekhatlo ea bolumeli kapa mebuso e re hlorisa.—Johanne 15:18, 19.
2. Re ka itokisetsa mahloriso joang?
Re lokela ho etsa lintho tse tla re thusa hore re tšepe Jehova hona joale. Iphe nako ea ho rapela le ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. E-ea libokeng kamehla. Lintho tsena kaofela li tla u fa matla a hore u eme ka sebete ha u kopana le mahloriso esita le a tsoang ho ba lelapa. Moapostola Pauluse eo hangata a neng a hlorisoa o ile a re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.”—Baheberu 13:6.
Ntho e ’ngoe e ka re thusang hore re be sebete ke hore re bolelle batho litaba tse molemo. Ho bolella batho ba bang litaba tse molemo, ho re thusa hore re tšepe Jehova ’me re se ke ra tšaba batho. (Liproverbia 29:25) Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re be sebete ’me re tsoele pele ho bolela litaba tse molemo leha mebuso e ka thibela mosebetsi oa rona.—1 Bathesalonika 2:2.
3. Ke molemo ofe oo re tla o fumana haeba re tšepahalla Jehova leha re hlorisoa?
Ke ’nete hore ha re thabele ho hlorisoa empa haeba re mamella, tumelo ea rona e tla matlafala. Re tla atamela haufi le Jehova hobane re bona kamoo a re thusang kateng ha matla a rona a fokola. (Bala Jakobo 1:2-4.) Jehova o utloa bohloko ha a bona re hlorisoa, empa oa thaba ha a bona re mamella. Bibele e re: “Ha le etsa se molemo ’me le utloa bohloko, le ho mamella, ena ke ntho e lumellehang ho Molimo.” (1 Petrose 2:20) Haeba re lula re tšepahala, Jehova o tla re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha moo ho tla beng ho se na motho ea re hanyetsang.—Matheu 24:13.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na ke hobane’ng ha ho khoneha hore re tšepahalle Jehova leha batho ba re hlorisa le hore na o tla re putsa joang.
4. U ka khona ho mamella leha ba lelapa ba u hanyetsa
Jesu o ne a tseba hore ba bang ba lelapa ba ka ’na ba se thabe ha re sebeletsa Jehova. Bala Matheu 10:34-36 ebe le buisana ka potso ena:
Ke’ng e ka etsahalang ha e mong oa lelapa a etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova?
E le hore u bone mohlala oa taba ena, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
U tla etsa’ng haeba e mong oa lelapa kapa motsoalle oa hao a u sitisa ho sebeletsa Jehova?
Bala Pesaleme ea 27:10 le Mareka 10:29, 30 ebe le buisana ka potso ena:
Litemana tsee li ka u thusa joang haeba u hanyetsoa ke ba lelapa kapa metsoalle?
5. Tsoela pele ho sebeletsa Jehova leha u hlorisoa
Re hloka sebete e le hore re sebeletse Jehova leha ba bang ba re thibela ho etsa joalo. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Mehlala ea batho ba hlahang videong ee e u matlafatsa joang?
Bala Liketso 5:27-29 le Baheberu 10:24, 25 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova leha ’muso o ka re thibela hore re ee libokeng kapa re bolelle batho litaba tse molemo?
6. Jehova o tla u thusa hore u mamelle
Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle, ho sa tsotellehe hore na li lilemo li kae, li ile tsa tsoela pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mahloriso. E le hore u bone hore na li thusitsoe ke’ng, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Videong ee, ke’ng e thusitseng Lipaki tsee hore li mamelle?
Bala Baroma 8:35, 37-39 le Bafilipi 4:13 ebe le buisana ka potso ena:
Litemana tsee li u kholisa joang hore u ka khona ho mamella teko leha e le efe?
Bala Matheu 5:10-12 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha u ka thaba leha u hlorisoa?
BATHO BA BANG BA RE: “Nka se khone ho mamella mahloriso.”
Ke litemana life tse ka ba thusang hore ba be sebete?
KAKARETSO
Jehova o ananela boiteko ba rona ba ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe mahloriso. Ka thuso ea hae re ka khona ho mamella.
Re Ithutile’ng?
Ke hobane’ng ha Bakreste ba lebeletse hore ba tla hlorisoa?
U ka etsa’ng hona joale e le hore u itokisetse mahloriso?
Ke’ng e ka u thusang hore u kholisehe hore u ka khona ho sebeletsa Jehova mathateng ’ohle a u hlahelang?
BATLA
Shebella ha mor’abo rona a hlalosa hore na Jehova o ile a mo thusa joang hore a mamelle ha a ne a kentsoe teronkong ka lebaka la tumelo ea hae.
Hlokomela hore na ke’ng e thusitseng banyalani ba bang hore ba tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata ho sa tsotellehe likhanyetso.
Ithute hore na ke joang u ka bang sebete ha u hlorisoa.
“Itokisetse Mahloriso Esale Hona Joale” (Molula-Qhooa, July 2019)
Re lokela ho ikutloa joang ha re hanyetsoa ke ba lelapa, hona re ka etsa’ng hore re mamelle mathata a ho hanyetsoa?
“Ke Tletse ho Tlisa Sabole, Eseng Khotso” (Molula-Qhooa, October 2017)
-