-
“Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”Molula-Qhooa—2000 | September 15
-
-
17. (a) Jesu o fumana molaetsa ofe o potlakileng ha a ntse a bolela Perea? (b) Ke eng se bontšang hore Jesu o tseba morero oa khato eo a lokelang ho e nka le nako e nepahetseng ea liketsahalo?
17 Molaetsa ona o potlakileng o tsoa ho Maretha le Maria, likhaitseli tsa Lazaro, tse lulang Bethani ea Judea. Molaetsa o re: “Morena, bona! eo u nang le boikutlo bo mofuthu bakeng sa hae oa kula.” Jesu oa araba: “Boloetse bona ha bo ise lefung, empa ke bakeng sa thoriso ea Molimo, e le hore Mora oa Molimo a ka tlotlisoa ka bona.” E le hore Jesu a finyelle morero ona, ka boomo feela o hlola matsatsi a mabeli moo a leng teng. Joale o re ho barutuoa ba hae: “A re keneng Judea hape.” Ka ho makala, baa araba: “Rabi, morao-rao tjena Bajudea ba ne ba batla ho u tlepetsa ka majoe, ’me na u ea moo hape?” Empa Jesu o hlokomela hore karolo e setseng ea ‘lihora tsa khanya ea motšehare,’ kapa nako eo Molimo a e abetseng bosebeletsi ba hae ba lefatšeng, e khutšoanyane. O tseba hantle seo a tšoanetseng ho se etsa le lebaka la ho se etsa.—Johanne 11:1-10.
-
-
“Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”Molula-Qhooa—2000 | September 15
-
-
21. Mohlolo oa tsoho ea Lazaro ke selelekela sa eng?
21 Kahoo ka hore Jesu a liehe ho fihla Bethani, o khona ho etsa mohlolo oo ho seng motho ea ka iphapanyetsang oona. Ka matla ao a a filoeng ke Molimo, Jesu o tsosa monna eo e leng letsatsi la bone a shoele. Esita le Sanhedrine e hlomphehang e qobelloa ho ela hloko se etsahetseng le ho ahlolela Moetsa-Mehlolo enoa lefu! Mohlolo ona o sebetsa e le selelekela sa phetoho ea bohlokoa bosebeletsing ba Jesu—ho tloha nakong ea ha “hora ea hae e ne e e-s’o tle” ho ea nakong ea ha “hora e tlile.”
-