Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ba Limillione ba Shoeleng Hona Joale ba Tla Phela Hape
    Molula-Qhooa—1990 | May 1
    • Boitšoaro ba Jesu lefung la Lazaro bo senola kameho e mofuthu ea Mora oa Molimo. Maikutlo a hae a tebileng ketsahalong ena a bontša ka ho hlaka takatso ea hae e matla ea ho tsosa bafu. Rea bala: “Maria, ha a fihla moo Jesu a neng a le teng ’me a ’mona, a oela maotong a hae, a re ho eena: ‘Morena, hoja u ne u le teng mona, khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.’ Ka hona, Jesu ha a ’mona a lla le Bajode ba tlileng le eena ba lla, a feheloa moeeng ’me a khathatseha; ’me o ile a re: ‘Le ’mehile hokae?’ Ba re ho eena: ‘Morena, tloho u tl’o bona.’ Jesu o ile a itšela ka likhapha. Ka hona Bajode ba ile ba qala ho re: ‘Bonang, ke kameho e mofuthu hakaakang eo a neng a e-na le eona ho eena!’”—Johanne 11:32-36, NW.

  • Ba Limillione ba Shoeleng Hona Joale ba Tla Phela Hape
    Molula-Qhooa—1990 | May 1
    • Polelo e fetoletsoeng e le “khathatseha” e tsoa lentsoeng la Segerike (ta·rasʹso) le bontšang ho ferekana. Ho latela The New Thayer’s Greek-English Lexicon of the New Testament, le bolela “ho tlisetsa motho pherekano ka pelong, . . . ho ama ka bohloko bo boholo kapa mesarelo.” Polelo “itšela ka likhapha” e tsoa ketsong ea Segerike (da·kryʹo) e bolelang “ho tšolla likhapha, ho lla motho a khutsitse.” Sena se fapane le ho “lla” ha Maria le Bajode ba neng ba e-na le eena, ho boletsoeng ho Johanne 11:33. Mono lentsoe la Segerike (le nkiloeng ho klaiʹo) le sebelisitsoeng le bolela ho lla ka mokhoa o utloahalang kapa ka lentsoe le phahameng.d

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela