Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matla a ho Nchafatsa—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
    Atamela ho Jehova
    • 3. Ho boletsoe tebello efe e khothatsang ho Liketso 3:21, hona Jehova o tla sebelisa eng ho e phethahatsa?

      3 Joale, ke ho khothatsang hakaakang ho ithuta ka matla a Jehova a ho nchafatsa! Joalokaha re tla bona, ho na le lintho tse ngata ka mokhoa o tsotehang tseo Molimo a ka li nchafatsang le tseo a tlang ho li nchafatsa bakeng sa bana ba hae ba lefatšeng. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore Jehova o rerile ‘ho nchafatsa lintho tsohle.’ (Liketso 3:21) Ho phethahatsa sena, Jehova o tla sebelisa ’Muso oa Bomesia, o tlas’a puso ea Mora oa hae, Jesu Kreste. Bopaki bo bontša hore ’Muso ona o qalile ho busa leholimong ka 1914.a (Matheu 24:3-14) Ho tla nchafatsoa eng? A re hlahlobeng tse ling tsa liketso tsa Jehova tse babatsehang tsa nchafatso. Le hona joale re khona ho bona le ho thabela e ’ngoe ea tsona. Tse ling li tla etsahala ka tekanyo e pharaletseng nakong e tlang.

  • Matla a ho Nchafatsa—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
    Atamela ho Jehova
    • a ‘Nako ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle’ e qalile ha ho hlongoa ’Muso oa Bomesia ’me mojalefa oa Morena Davida ea tšepahalang a behoa teroneng. Jehova o ne a ile a tšepisa Davida hore mojalefa oa hae o tla busa ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 89:35-37) Empa ka mor’a hore Babilona e timetse Jerusalema ka 607 B.C.E., ha ho motho eo e neng e le setloholo sa Davida ea ileng a lula teroneng ea Molimo. Jesu, ea ileng a tsoaloa lefatšeng e le mojalefa oa Davida, e bile eena Morena eo e leng khale a tšepisitsoe ha a behoa teroneng leholimong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela