Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lydia—Morapeli oa Molimo ea Amohelang Baeti ka Mofuthu
    Molula-Qhooa—1996 | September 15
    • “Morekisi oa Lintho Tse Pherese”

      Lydia o ne a lula Filippi, motse-moholo oa Macedonia. Leha ho le joalo, o ne a e-tsoa Thyatira, motse oa setereke sa Lydia, Asia Minor e ka bophirimela. Ka lebaka lena ba bang ba bolela hore “Lydia” e ne e le lebitso la bosoasoi leo a neng a le rehiloe Filippi. Ka mantsoe a mang, e ne e le “Molydia,” hantle feela joalokaha mosali eo Jesu Kreste a ileng a mo pakela a ne a ka bitsoa “mosali oa Mosamaria.” (Johanne 4:9) Lydia o ne a rekisa “lintho tse pherese” kapa lintho tse kentsoeng sefetola-’mala sena. (Liketso 16:12, 14) Boteng ba baetsi ba lifetola-’mala Thyatira le Filippi bo pakoa ke mengolo e epolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale. Ho ka etsahala hore ebe Lydia o ne a faletse ka lebaka la mosebetsi oa hae, oa ho ntšetsa pele khoebo ea hae kapa ho ba moemeli oa k’hamphani e itseng ea batho ba fetolang mebala ba Thyatira.

      Sefetola-’mala se pherese se ne se ka fumanoa mehloling e sa tšoaneng. Se theko e phahameng ka ho fetisisa se ne se nkoa ho li-mollusk tsa leoatleng. Ho latela seroki sa Moroma Martial, seaparo se fetoletsoeng ’maleng o pherese sa boleng bo phahameng ka ho fetisisa sa Tyre (setsi se seng seo thepa ena e neng e etsoa ho sona) theko ea sona e ne e ka fihla ho li-sesterce tse 10 000 kapa lidenari tse 2 500, e leng e lekanang le moputso oa matsatsi a 2 500 oa mosebetsi ea se nang tsebo e itseng. Ho hlakile hore liaparo tse joalo e ne e le tse mabotho-botho tseo e leng ba seng bakae feela ba neng ba ka li khona. Ka hona ho ka etsahala hore ebe Lydia o ne a ruile. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, o ile a khona ho amohela ka mofuthu moapostola Pauluse le metsoalle ea hae—Luka, Silase, Timothea, mohlomong le ba bang.

  • Lydia—Morapeli oa Molimo ea Amohelang Baeti ka Mofuthu
    Molula-Qhooa—1996 | September 15
    • “Morapeli oa Molimo”

      Lydia e ne e le “morapeli oa Molimo,” empa mohlomong o ne a sokolohetse Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda a batla ’nete ea bolumeli. Le hoja mosebetsi oa hae oa boipheliso o ne o le motle, Lydia o ne a se na lerato la lintho tse bonahalang. Ho e-na le hoo, o ne a behella nako ea lintho tsa moea ka thōko. “Jehova a bula pelo ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse,” ’me Lydia a amohela ’nete. Ha e le hantle, “eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoa.”—Liketso 16:14, 15.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela