Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Phethola Menahano e Khahlanong le Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2019 | June
    • 1. Moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste ba mehleng ea hae keletso efe?

      MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a re: “Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Bar. 12:2) Pauluse o ile a bua mantsoe ana ha a ne a eletsa Bakreste bohle ba mehleng ea hae. Ke hobane’ng ha a ile a fana ka keletso e matla hakaale ho banna le basali ba neng ba inehetse ho Molimo ba bile ba tlotsitsoe ka moea o halalelang?​—Bar. 1:7.

      2-3. Ke joang Satane a lekang ho re hulela hole le Jehova, hona re ka hlakola lintho tse “metseng ka matla” likelellong tsa rona joang?

      2 Pauluse o ne a amehile hobane ho ne ho bonahala eka Bakreste ba bang ba susumetsoa ke moea oa lefatše la Satane. (Baef. 4:​17-19) Bothata bona bo ntse bo ka re ama le rona kajeno. Kaha lefatše le taolong ea Satane o sebelisa litsela tse fapa-fapaneng ho leka ho re hulela hole le Jehova. Mohlala, haeba re le batho ba ratang ho hlomphuoa le ho tuma a ka sebelisa tsona lintho tseo ho leka ho re hulela hole le Jehova. A ka ’na a sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona lapeng, sekolong, kapa sebakeng seo re holetseng ho sona ho leka ho etsa hore re nahane ka tsela eo a e batlang.

  • Phethola Menahano e Khahlanong le Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2019 | June
  • Phethola Menahano e Khahlanong le Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2019 | June
    • “HO FETOLA LIKELELLO TSA LONA”

      4. Bongata ba rona re ile ra tlameha ho etsa liphetoho life ka mor’a hore re ithute Bibele?

      4 Ak’u nahane ka liphetoho tseo u ileng oa tlameha ho li etsa bophelong ba hao ha u sa tsoa ithuta Bibele ’me u etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Bongata ba rona re ile ra tlameha ho khaotsa ho etsa lintho tse itseng tseo Bibele e reng li fosahetse. (1 Bakor. 6:​9-11) Ruri rea leboha hore ebe Jehova o ile a re thusa ho khaotsa ho etsa lintho tseo!

      5. Ke lintho life tse peli tseo Baroma 12:2 e reng re lokela ho li etsa?

      5 Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lumela hore re se re entse liphetoho tsohle tseo re neng re tlameha ho li etsa. Le hoja re khaolitse ho etsa libe tse tebileng tseo re neng re li etsa pele re kolobetsoa, re lokela ho itebela hore re qobe ho etsa eng kapa eng e ka re hohelang hore re khutlele ho tsona hape. Re ka itebela joang? Pauluse o re: “Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lona.” (Bar. 12:2) Mantsoe ana a bontša hore re lokela ho etsa lintho tse peli. Ea pele, re lokela ho ‘khaotsa ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho,’ ka mantsoe a mang re se ke ra itumella ho hoheloa ke lintho tsa lefatše lena. Ea bobeli, re lokela ‘ho fetoha’ ka hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona.

      U Fetohile Kapa U Ikhakantse?

      Mocha e mong ea apereng ka tsela e bohlasoa a bile a sa kuta litelu o tšoere foto ea moo a kutileng hantle a bile a apere hempe le tae

      Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “le fetohe” ho Baroma 12:​2, le fana ka maikutlo a ho fetoha sebopeho ka ho feletseng joaloka seboko se fetohang hore e be serurubele. Ho fetoha ho akareletsa ho fetola likelello tsa rona, tsela eo re nahanang ka eona le litaba-tabelo tsa rona. Ka lehlakoreng le leng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “iphetola” ho 2 Bakorinthe 11:​13-15 le ka hlalosoa e le ho fetola tsela eo re shebehalang ka eona.

      6. Re ithuta’ng mantsoeng a Jesu a ho Matheu 12:​43-45?

      6 Ho fetoha hoo Pauluse a buang ka hona ha se feela ho fetola tsela eo re shebahalang ka eona. Ho ama bophelo bohle ba rona. (Sheba lebokose le reng “U Fetohile Kapa U Ikhakantse?”) Re lokela ho fetola ka ho feletseng likelello tsa rona, ho akareletsa le menahano, maikutlo le lintho tseo re li ratang. Kahoo, kaofela re lokela ho ipotsa, ‘Na liphetoho tseo ke li etsang e le hore ke be Mokreste ke tse bonahalang ho batho feela, kapa na ehlile ke tebisa kepi?’ Hore na re arabela potso eo joang ke taba ea bohlokoa haholo. Ho Matheu 12:​43-45 Jesu o ile a totobatsa hore na re lokela ho etsa’ng. (E bale.) Mantsoe a litemaneng tseo a re ruta thuto ea bohlokoa ea hore: Ha hoa lekana hore feela re hlakole menahano e mebe ka likelellong, empa re lokela ho koala sekheo seo ka ho kenya e nepahetseng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela