Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Le be le Khotso le Batho Bohle”
    Molula-Qhooa—2009 | October 15
    • Ho Hlōla Bobe ka Botle

      13, 14. (a) Ke hobane’ng ha re sa makale ha re hanyetsoa? (b) Re ka hlohonolofatsa ba re hlorisang ka tsela efe?

      13 Bala Baroma 12:14, 21. Kaha re kholisehile ka ho feletseng hore Jehova o tla phethahatsa merero ea hae, ka sebete re ka ikakhela ka setotsoana mosebetsing oo a re fileng oona—e leng oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:14) Rea tseba hore mosebetsi ona oa Bokreste o tla halefisa lira tsa rōna, hobane Jesu o re lemositse a re: “Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 24:9) Ka lebaka leo, ha re makale kapa hona ho nyahama ha re hanyetsoa. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Baratuoa, le se ke la makatsoa ke ho cha ho har’a lōna, ho le etsahallang hore e be teko, joalokaha eka le hlaheloa ke ntho e sa tloaelehang. Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho thaba kahobane le e-na le karolo litlhokofatsong tsa Kreste.”—1 Pet. 4:12, 13.

  • “Le be le Khotso le Batho Bohle”
    Molula-Qhooa—2009 | October 15
    • 15. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlōla bobe ka botle ke efe?

      15 Ka lebaka leo, Mokreste oa ’nete o ela hloko se boletsoeng temaneng ea ho qetela ea Baroma khaolo ea 12, e reng: “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” Satane Diabolose ke eena mohloli oa bobe bohle. (Joh. 8:44; 1 Joh. 5:19) Tšenolong e ileng ea fuoa moapostola Johanne, Jesu o ile a senola hore barab’abo ba tlotsitsoeng “ba ile ba hlōla [Satane] ka lebaka la mali a Konyana le ka lebaka la lentsoe la ho paka ha bona.” (Tšen. 12:11) Sena se bontša hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlōla Satane le tšusumetso ea hae e mpe eo a laolang tsamaiso ena ea lintho ka eona, ke ka ho etsa botle ka mosebetsi oa rōna oa ho paka, e leng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela