-
Banna, na le Ikokobelletsa Bohlooho ba Kreste?Molula-Qhooa—2010 | May 15
-
-
Banna, na le Ikokobelletsa Bohlooho ba Kreste?
“Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste.”—1 BAKOR. 11:3.
1. Ke eng e bontšang hore Jehova ke Molimo ea nang le taolo?
TŠENOLO 4:11 e re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” Kaha ke eena ’Mōpi, Jehova Molimo ke ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng ’me o phahametse pōpo eohle ea hae. Taba ea hore Jehova “hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso,” e bonahala tseleng eo lelapa la hae la mangeloi le hlophisitsoeng ka eona.—1 Bakor. 14:33; Esa. 6:1-3; Baheb. 12:22, 23.
2, 3. (a) Ke mang eo Jehova a ileng a mo bōpa pele? (b) Ke kamano efe eo Mora oa letsibolo a nang le eona le Ntate oa hae?
2 Pele ho bōptjoa eng kapa eng, Molimo o ne a le mong ka nako e telele haholo. Sebōpuoa sa hae sa pele e ne e le sa moea se tsejoang e le “Lentsoe” hobane e ne e le ’Muelli oa Jehova. Lentsoe ke eena eo lintho tse ling tsohle li bileng teng ka eena. Hamorao, o ile a tla lefatšeng e le motho ea phethahetseng ’me ea e-ba Jesu Kreste.—Bala Johanne 1:1-3, 14.
3 Mangolo a re’ng ka kamano eo Molimo a nang le eona le Mora oa hae oa letsibolo? Ha a ne a bululeloa hore a ngole, moapostola Pauluse o ile a re: “Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakor. 11:3) Kreste o tlas’a bohlooho ba Ntate oa hae. E le hore libōpuoa tse bohlale li ka ba le khotso le taolo, ho hlokahala hore ho be le bohlooho le hore li ikokobeletse bona. Esita le eo ‘lintho tse ling tsohle li ileng tsa bōptjoa ho sebelisoa eena’ ho lebeletsoe hore a ikokobeletse bohlooho ba Molimo.—Bakol. 1:16.
4, 5. Jesu o ne a ikutloa joang ka kamano eo a neng a e-na le eona le Jehova?
4 Jesu o ne a ikutloa joang ka ho ikokobelletsa bohlooho ba Jehova le ho tla lefatšeng? Mangolo a re: ‘Kreste Jesu, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, ha aa ka a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho. Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.’—Bafil. 2:5-8.
5 Ka linako tsohle, Jesu o ne a ikokobelletsa thato ea Ntate oa hae. O ile a re: “Nke ke ka etsa ntho le e ’ngoe e itsoelang ho ’na; . . . kahlolo eo ke fanang ka eona e lokile, hobane ha ke batle thato ea ka, empa ke batla thato ea ea nthomileng.” (Joh. 5:30) O ile a re: ‘Kamehla ke etsa lintho tse khahlisang Ntate.’ (Joh. 8:29) Ho elella qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu o ile a rapela Ntate oa hae a re: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, kaha ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona hore ke o etse.” (Joh. 17:4) Ho hlakile hore Jesu o ne a se na bothata ba ho hlompha bohlooho ba Molimo le ho bo amohela.
Mora o Rua Molemo ka ho Ikokobelletsa Ntate
6. Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi life tse tsotehang?
6 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bonahatsa litšobotsi tse ngata tse tsotehang. E ’ngoe ea tsona e ne e le lerato le leholo leo a ileng a bontša hore o rata Ntate oa hae ka lona. O ile a re: “Ke rata Ntate.” (Joh. 14:31) Hape o ile a bontša hore o rata batho haholo. (Bala Matheu 22:35-40.) Jesu o ne a le mosa a bile a nahanela batho, o ne a se bohale kapa a sa ikhohomose. O ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:28-30) Batho ba lilemo tsohle ba kang linku, haholo ba neng ba khahlapetsoa ba bile ba hatelloa, ba ne ba khothatsoa haholo ke botho ba Jesu bo ratehang le molaetsa oa hae o hlasimollang.
7, 8. Ho ea ka Molao oa Moshe, mosali ea neng a e-na le phallo ea mali o ne a sa lumelloa ho etsa’ng, empa Jesu o ile a mo tšoara joang?
7 Nahana ka tsela eo Jesu a neng a tšoara basali ka eona. Ho tloha khale, banna ba bangata ba ’nile ba khahlapetsa basali. Ke sona se neng se etsoa ke baeta-pele ba bolumeli ba Iseraele ea boholo-holo. Empa Jesu o ne a tšoara basali ka tlhompho. Sena se totobala tseleng eo a ileng a tšoara ka eona mosali ea neng a khathalitsoe ke phallo ea mali ka lilemo tse 12. Lingaka tse ngata “li ne li mo baketse bohloko bo boholo” ’me o ne a sebelisitse chelete eohle ea hae a leka ho fumana pheko. Ho sa tsotellehe boiteko boo bohle, “o ne a bile mobe haholo.” Ho ea ka Molao oa Moshe, o ne a nkoa a sa hloeka. Mang kapa mang ea neng a ka mo tšoara, le eena e ne e tla ba ea sa hloekang.—Lev. 15:19, 25.
8 Ha mosali eo a utloa hore Jesu o ne a phekola batho ba kulang, o ile a kena har’a bongata bo neng bo pota-potile Jesu, a re: “Haeba nka ama liaparo tsa hae tsa ka ntle feela ke tla fola.” O ile a ama Jesu ’me a fola hang-hang. Jesu o ne a tseba hore mosali eo o ne a sa lokela ho ama seaparo sa hae. Ho sa tsotellehe seo, ha aa ka a mo omanya. Ho e-na le hoo, o ile a mo tšoara ka mosa. O ne a utloisisa hore na e tlameha ebe o ne a ikutloa joang lilemo tseo kaofela ’me a hlokomela hore o ne a selebaletsoe. Ka qenehelo Jesu o ile a re ho eena: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole.”—Mar. 5:25-34.
9. Ha barutuoa ba Jesu ba ne ba leka ho thibela bana hore ba tle ho eena, o ile a re’ng?
9 Esita le bana ba ne ba phutholoha ha ba e-na le Jesu. Ka lekhetlo le leng ha batho ba ne ba tlisitse bana ho eena, barutuoa ba hae ba ile ba ba nyatsa ka matla, mohlomong ba nahana hore o ne a ke ke a batla ho khathatsoa ke bana. Empa hase tsela eo Jesu a neng a ikutloa ka eona. Tlaleho ea Mangolo e re: ‘Ha Jesu a bona sena o ile a halefa ’me a re ho barutuoa ba hae: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela, etsoe ’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.”’ Ho feta moo, o ile a “sika bana bao ’me [a] qala ho ba hlohonolofatsa, a ba beha matsoho.” Jesu o ne a sa mamelle bana feela, empa o ne a ba amohela ka mofuthu.—Mar. 10:13-16.
10. Ho tlile joang hore Jesu a be le litšobotsi tseo a neng a li bonahatsa?
10 Ho tlile joang hore Jesu a be le litšobotsi tseo a neng a li bonahatsa ha a sa ntse a phela lefatšeng? Pele e e-ba motho oa nama, o ile a bona Ntate oa hae ea leholimong ka nako e telele haholo ’me a ithuta litsela tsa hae. (Bala Liproverbia 8:22, 23, 30.) Ha a le leholimong, o ne a bone kamoo Jehova a neng a sebelisa bohlooho ba hae ka lerato kateng holim’a libōpuoa tsohle tsa Hae eaba o etsisa tsela eo. Na Jesu a ka be a ile a etsa joalo hoja o ne a sa ikokobetsa? O ne a thabela ho ikokobelletsa Ntate oa hae, ’me Jehova o ne a thabela ho ba le Mora ea joalo. Ha a ne a le lefatšeng, Jesu o ne a bonahatsa ka ho phethahetseng litšobotsi tse tsotehang tsa Ntate oa hae ea leholimong. Ruri ke tlotla e kaakang hore re ikokobeletse Kreste, e leng eena eo Molimo a mo khethileng hore e be ’Musi ’Musong oa leholimo!
Etsisa Litšobotsi Tsa Kreste
11. (a) Ke mang eo re lokelang ho ikitlaelletsa ho mo etsisa? (b) Ke hobane’ng ha banna ba ka phuthehong e le bona haholo-holo ba lokelang ho leka ka matla ho etsisa Jesu?
11 Bohle ba ka phuthehong ea Bokreste, haholo-holo banna, ba lokela ho tsoela pele ba ikitlaelletsa ho etsisa litšobotsi tsa Kreste. Joalokaha ho se ho boletsoe, Bibele e re: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste.” Joalokaha Kreste a ne a etsisa Hlooho ea hae, e leng Molimo oa ’nete, banna ba Bakreste le bona ba lokela ho leka ka matla hore ba etsise hlooho ea bona—e leng Kreste. Ke sona seo moapostola Pauluse a ileng a se etsa ha e ne e e-ba Mokreste. O ile a eletsa Bakreste-’moho le eena a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakor. 11:1) Moapostola Petrose eena o ile a re: “Le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Pet. 2:21) Ho na le lebaka le leng hape leo ka lona banna ba lokelang ho thahasella keletso ea hore ba etsise Kreste. Ke bona bao e bang baholo le bahlanka ba sebeletsang. Joalokaha Jesu a ne a thabela ho etsisa Jehova, banna ba Bakreste ba lokela ho thabela ho etsisa Kreste le litšobotsi tsa hae.
12, 13. Baholo ba lokela ho tšoara linku tse tlhokomelong ea bona joang?
12 Baholo ba ka phuthehong ea Bokreste ba tlameha ho ithuta ho tšoana le Kreste. Petrose o ile a fa banna ba baholo, kapa baholo, keletso ena: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo; eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.” (1 Pet. 5:1-3) Baholo ba Bakreste ha baa lokela ho hatella, ho khahlapetsa, ho rena ka thata kapa ho hloka mosa. Kaha ba etsisa mohlala oa Kreste, ba loanela ho ba lerato, ho nahanela, ho ikokobetsa le ho ba mosa ha ba sebelisana le linku tse behiloeng tlhokomelong ea bona.
13 Banna ba etellang pele ka phuthehong ha baa phethahala, ’me ba lokela ho lula ba hopola seo. (Bar. 3:23) Kahoo ba tlameha ho labalabela ho ithuta ka Jesu le ho etsisa lerato la hae. Ho hlokahala hore ba nahanisise ka tsela eo Molimo le Kreste ba tšoarang batho ka eona ebe ba loanela ho latela mohlala oa bona. Petrose oa re eletsa o re: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 Pet. 5:5.
14. Baholo ba lokela ho hlompha batho ba bang hakae?
14 Banna ba khethiloeng ka phuthehong ba lokela ho bonahatsa litšobotsi tse ntle ha ba sebelisana le mohlape oa Molimo. Baroma 12:10 e re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba hlompha batho ba bang. Joaloka Bakreste ba bang kaofela, banna bana ha ‘baa lokela ho etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong ba lokela ho nka hore ba bang ba ba phahametse.’ (Bafil. 2:3) Ruri ba etellang pele ba lokela ho nka hore batho ba bang ba ba phahametse. Ha banna ba khethiloeng ba etsa joalo, ba tla be ba latela keletso ea Pauluse ha a re: “Leha ho le joalo, rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla, ’me re se ke ra ikhahlisa. E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha. Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.”—Bar. 15:1-3.
‘Ho Abela Basali Tlhompho’
15. Banna ba lokela ho tšoara basali ba bona joang?
15 Joale, nahana ka keletso eo Petrose a e fang banna ba nyetseng. O ngotse a re: “Lōna banna, le tsoele pele ho lula le [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho ea ka tsebo, le ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholo, se setšehali.” (1 Pet. 3:7) Ho hlompha motho ho bolela ho mo tlotla haholo. Ka lebaka leo, u ne u tla nahanela tsela eo motho eo a ikutloang ka eona, seo a se hlokang le seo a se batlang ’me u ka ’na ua mo tšehetsa ntle le haeba ho e-na le lebaka la bohlokoa la hore u se ke ua etsa joalo. Monna o lokela ho tšoara mosali oa hae joalo.
16. Lentsoe la Molimo le fa banna temoso efe mabapi le ho hlompha basali ba bona?
16 Ha Petrose a bolella banna hore ba hlomphe basali ba bona, o phaella ka temoso e reng: “E le hore lithapelo tsa lōna li se ke tsa sitisoa.” (1 Pet. 3:7) Seo se bontša ka ho hlaka hore na Jehova o nka ka ho teba hakae tsela eo monna a tšoarang mosali oa hae ka eona. Ho se mo hlomphe ho ka sitisa lithapelo tsa hae. Ho feta moo, na hangata basali ha ba thabe ha banna ba bona ba ba tšoara ka tlhompho?
17. Monna o lokela ho rata mosali oa hae hakae?
17 Tabeng ea hore monna a rate mosali oa hae, Lentsoe la Molimo le fana ka keletso ena: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. . . . Kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho . . . E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata.” (Baef. 5:28, 29, 33) Banna ba lokela ho rata basali ba bona hakae? Pauluse o ile a ngola a re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baef. 5:25) Ka sebele, monna o lokela ho ikemisetsa hore a be a telle mosali oa hae bophelo ba hae, joalokaha Kreste a ile a tella batho ba bang bophelo ba hae. Ha monna oa Mokreste a tšoara mosali oa hae ka mosa, a mo nahanela, a mo hlokomela, a sa ichebe boeena, ho ba bonolo haholoanyane hore mosali oa hae a ikokobeletse bohlooho ba hae.
18. Banna ba ka fumana thuso efe ha ba ntse ba phetha boikarabelo ba bona lenyalong?
18 Na ke ho lebella mohlolo hore banna ba abele basali ba bona tlhompho ka tsela ee? Che, le ka mohla Jehova o ne a ke ke a re ba etse ntho eo ba neng ba ke ke ba e khona. Etsoe, barapeli ba Jehova ba ka fumana matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng—e leng moea o halalelang oa Molimo. Jesu o ile a re: “Haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:13) Ha banna ba rapela, ba ka kōpa hore Jehova a ba thuse ka moea oa hae ha ba sebelisana le batho ba bang, ho akarelletsa le basali ba bona.—Bala Liketso 5:32.
19. Ho tla tšohloa’ng sehloohong se latelang?
19 Ka sebele, banna ba na le boikarabelo bo boima ba hore ba ithute ho ikokobelletsa Kreste ba be ba etsise bohlooho ba hae. Empa basali bona ba lokela ho etsa’ng, haholo-holo ba nyetsoeng? Sehloohong se latelang ho tla tšohloa maikutlo ao ba lokelang ho ba le ’ona mabapi le karolo eo ba e phethang tokisetsong ea Jehova.
-
-
Basali, ke Hobane’ng ha le Lokela ho Ikokobelletsa Bohlooho?Molula-Qhooa—2010 | May 15
-
-
Basali, ke Hobane’ng ha le Lokela ho Ikokobelletsa Bohlooho?
“Hlooho ea mosali ke monna.”—1 BAKOR. 11:3.
1, 2. (a) Moapostola Pauluse o itse’ng ha a ne a ngola mabapi le tokisetso ea Jehova ea bohlooho le ho ikokobetsa? (b) Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong see?
JEHOVA ke eena mohloli oa tokisetso e hlophisehileng eo moapostola Pauluse a ileng a e bolela ha a ne a re, “hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste” ’me “hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakor. 11:3) Sehloohong se fetileng ho bontšitsoe hore Jesu o ne a thabela ho ikokobelletsa Hlooho ea hae, e leng Jehova Molimo, a bile a nka hore ke tlotla ho etsa joalo; ra ba ra ithuta hore hlooho ea banna ba Bakreste ke Kreste. Kreste o ne a tšoara batho ka mosa, ka bonolo, ka kutloelo-bohloko le ka ho hloka boithati. Ho hlokahala hore banna ba ka phuthehong ba be joalo ho batho ba bang, haholo-holo ho basali ba bona.
2 Leha ho le joalo, basali bona ba lokela ho etsa’ng? Hlooho ea mosali ke mang? Pauluse o ile a ngola a re: “Hlooho ea mosali ke monna.” Basali ba lokela ho ikutloa joang ka mantsoe aa a bululetsoeng? Na molao-motheo oo o ntse o sebetsa ha monna a sa lumela? Na ho ikokobelletsa bohlooho ba monna ho bolela hore mosali o lokela ho thōla feela ha ho etsoa liqeto? Mosali o iphumanela thoriso ka tsela efe?
“Ke Tla mo Etsetsa Mothusi”
3, 4. Ke hobane’ng ha tokisetso ea bohlooho lenyalong e le molemo?
3 Tokisetso ea bohlooho e thehiloe ke Molimo. Ka mor’a hore Adama a bōptjoe, Jehova Molimo o ile a re: “Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” Ka mor’a hore Eva a bōptjoe, Adama o ne a thabetse ho ba le molekane le mothusi hoo a ileng a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” (Gen. 2:18-24) Adama le Eva ba ne ba ka lebella hore batho bohle e be bana ba bona ba phethahetseng, ba neng ba tla phela ka ho sa feleng ba thabile lefatšeng la paradeise.
4 Ka lebaka la bofetoheli ba batsoali ba rōna ba pele, boemo bo phethahetseng bo neng bo le teng serapeng sa Edene bo ile ba fela. (Bala Baroma 5:12.) Empa tokisetso ea bohlooho eona e ile ea lula e le teng. Ha e lateloa ka nepo, e tlisa molemo o moholo le thabo e khōlō lenyalong. Boemo bo ba kamoo Jesu a neng a ikutloa kateng ka ho ikokobelletsa Hlooho ea hae, Jehova. Pele Jesu e e-ba motho oa nama, o ne a “nyakaletse ka pel’a [Jehova] ka nako eohle.” (Liprov. 8:30) Ka lebaka la ho se phethahale, banna ba sitoa hore e be lihlooho tse phethahetseng, ebile le basali ba sitoa ho ikokobetsa ka ho phethahetseng. Leha ho le joalo, ha banna le basali ba tsoela pele ho loanela ho etsa sohle seo ba ka se khonang, tokisetso ena e etsa hore ho be le khotsofalo e khōlō ka ho fetisisa e ka fumanoang lenyalong hona joale.
5. Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho nka keletso e ho Baroma 12:10 ka botebo?
5 E le hore lenyalo le atlehe, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore balekane ba sebelise keletso ea Mangolo e behetsoeng Bakreste bohle, e reng: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Bar. 12:10) Ho feta moo, monna le mosali ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba ‘bontšane mosa, ba be le qenehelo e bonolo, ba tšoarelane ka bolokolohi.’—Baef. 4:32.
Ha Molekane oa Hao a sa Lumela
6, 7. Phello e ka ba efe haeba mosali oa Mokreste a ikokobelletsa monna oa hae ea sa lumelang?
6 Haeba molekane oa hao e se mohlanka oa Jehova u lokela ho etsa’ng? Hangata, monna e ba eena ea sa lumelang. Boemong boo, mosali o lokela ho mo tšoara joang? Bibele e fana ka karabo ena: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:1, 2.
7 Lentsoe la Molimo le bolella mosali hore a lule a ikokobelelitse monna oa hae ea sa lumelang. Boitšoaro ba hae bo botle bo ka susumelletsa monna oa hae hore a hlahlobe hore na ke eng e mo susumelletsang hore a itšoare ka tsela e ntle joalo. Ka lebaka leo, monna a ka ’na a hlahloba seo mosali oa hae oa Mokreste a se lumelang a be a qetelle a amohetse ’nete.
8, 9. Mosali oa Mokreste a ka etsa’ng haeba monna oa hae ea sa lumelang a sa natse boitšoaro ba hae bo botle?
8 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba monna ea sa lumelang a sa natse boitšoaro bo botle ba mosali oa hae? Mangolo a khothalletsa mosali ea lumetseng hore a bonahatse litšobotsi tsa Bokreste ka linako tsohle, ho sa tsotellehe hore na ho boima hakae. Ka mohlala, 1 Bakorinthe 13:4 e re: “Lerato lea tiisetsa.” Kahoo, mosali oa Mokreste o lokela ho tsoela pele ho itšoara ka ‘boikokobetso bo feletseng ba kelello le bonolo, le tiisetso,’ ’me a ’ne a mamelle boemo ka lerato. (Baef. 4:2) Ka thuso ea matla a sebetsang a Molimo—e leng moea oa hae o halalelang—ho ka khoneha ho bonahatsa litšobotsi tsa Bokreste esita le maemong a thata.
9 Pauluse o ile a ngola a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafil. 4:13) Moea oa Molimo o thusa molekane oa Mokreste hore a etse lintho tse ngata tseo ho neng ho ke ke ha khoneha ho li etsa kantle ho oona. Ka mohlala, ha motho a khahlapetsoa ke molekane oa hae, a ka ’na a ba tekong ea hore le eena a iphetetse. Leha ho le joalo, Bibele e re ho Bakreste bohle: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Bar. 12:17-19) Ka tsela e tšoanang, 1 Bathesalonika 5:15 ea re eletsa, e re: “Tiisang hore ho se ke ha e-ba le ea busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang, empa kamehla e mong a phehelle se molemo ho e mong le ho ba bang kaofela.” Seo ho ke keng ha khoneha hore re se etse ka matla a rōna sea khoneha ka thuso ea moea o halalelang oa Jehova. Ruri ho loketse hore re rapelle moea o halalelang oa Molimo hore o re thuse moo re haelloang teng!
10. Jesu o ne a etsa joang ha batho ba ne ba mo buela mantsoe a bohloko kapa ba mo tšoara hampe?
10 Jesu o behile mohlala o ikhethang ka tsela eo a neng a sebelisana ka eona le batho ba neng ba mo buela mantsoe a bohloko kapa ba mo tšoara hampe. Petrose oa Pele 2:23 e re: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” Re eletsoa hore re latele mohlala oa hae o motle. U se ke ua halefisoa ke boitšoaro bo bobe ba batho ba bang. Joalokaha Bakreste bohle ba eletsoa, u ‘be le qenehelo e bonolo, u ikokobetse kelellong, u se phetetse bobe ka bobe kapa ho hlapaola ka ho hlapaola.’—1 Pet. 3:8, 9.
Na Basali ba Lokela ho Thōla Feela Lenyalong?
11. Basali ba bang ba Bakreste ba tla ba le seabo tokelong efe e khōlō?
11 Na ho ikokobelletsa bohlooho ba monna ho bolela hore basali ba lokela ho thōla feela lenyalong, ba se ke ba ba le lentsoe litabeng tsa lelapa kapa likarolong tse ling? Ho hang ha ho joalo. Jehova o file basali hammoho le banna litokelo tse ngata. Nahana feela ka tlotla e khōlō eo batho ba 144 000 ba nang le eona ea ho ba marena le baprista leholimong ha Kreste a busa holim’a lefatše! Basali baa akarelletsoa palong eo. (Bagal. 3:26-29) Ho hlakile hore Jehova o file basali hore ba be le lentsoe tokisetsong ea hae ea lintho.
12, 13. Fana ka mohlala o bontšang hore basali ba ne ba profeta.
12 Ka mohlala, mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, basali ba ne ba profeta. Joele 2:28, 29 e profetile hore: “Ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me ka sebele bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta. . . . Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim’a bahlanka le holim’a makhabunyane matsatsing ao.”
13 Barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo Jerusalema letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba akarelletsa basali hammoho le banna. Moea oa Molimo o ile oa tšolleloa holim’a sehlopha sena kaofela. Ke kahoo Petrose a neng a ka qotsa mantsoe ao moprofeta Joele a neng a a boletse esale pele a ba a a sebelisa ho banna le basali ka ho tšoanang. Petrose o ile a re: “Sena ke se ileng sa boleloa ka moprofeta Joele, Molimo o re: ‘Matsatsing a ho qetela, ke tla tšollela o mong oa moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta . . . ; ke tla tšollela o mong oa moea oa ka esita le holim’a makhoba a ka le holim’a makhabunyane a ka matsatsing ao, ’me a tla profeta.’”—Lik. 2:16-18.
14. Basali ba ne ba phetha karolo efe mabapi le ho phatlalatsa Bokreste lekholong la pele la lilemo?
14 Lekholong la pele la lilemo, basali ba ne ba phetha karolo ea bohlokoa mabapi le ho phatlalatsa Bokreste. Ba ne ba bolella batho ba bang ka ’Muso oa Molimo ’me ba etsa lintho tse neng li amana le mosebetsi oo oa boboleli. (Luka 8:1-3) Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a re Fibi e ne e le “mosebeletsi oa phutheho e Senkrea.” Ho feta moo, ha Pauluse a ne lumelisa basebetsi-’moho le eena, o ile a bolela basali ba ’maloa ba tšepahalang, ba neng ba akarelletsa “Tryfina le Tryfosa, basali ba sebetsang ka thata Moreneng.” O ile a boela a bua ka “Persise moratuoa oa rōna, kaha o ile a etsa mesebetsi e mengata Moreneng.”—Bar. 16:1, 12.
15. Basali ba phetha karolo efe mabapi le ho phatlalatsa Bokreste mehleng ea rōna?
15 Mehleng ea rōna, basali ba lilemo tse fapa-fapaneng ke karolo e khōlō ea batho ba fetang limilione tse supileng ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. (Mat. 24:14) Bongata ba bona ke basebeletsi ba nako e tletseng, baromuoa le litho tsa lelapa la Bethele. Mopesaleme Davida o ile a bina a re: “Jehova o fana ka polelo; basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.” (Pes. 68:11) Ruri mantsoe ana a phethahetse! Jehova o ananela karolo eo basali ba e phethang mabapi le ho phatlalatsa litaba tse molemo le ho finyella merero ea hae. Ka sebele, taelo ea hae ea hore basali ba Bakreste ba ikokobetse ha e bolele hore ba ikokobetse feela ba thōtse.
Basali ba Babeli ba sa Kang ba Thōla Feela
16, 17. Mohlala oa Sara o bontša joang hore basali ha baa lokela ho thōla feela lenyalong?
16 Haeba Jehova a fa basali litokelo tse ngata, na banna bona ha baa lokela ho buisana le basali ba bona pele ba etsa liqeto tsa bohlokoa? Ba tla be ba le bohlale ha ba ka etsa joalo. Mangolo a bolela liketsahalo tse ngatanyana tseo ho tsona basali ba ileng ba bua kapa ba nka khato le hoja banna ba bona ba ne ba sa ba botsa maikutlo a bona. Nahana ka mehlala e ’meli.
17 Sara, mosali oa mopatriareka Abrahama, o ne a ntse a mo bolella hore a leleke serethe sa hae le mora oa sona ka lebaka la hore ba ne ba sa hlomphe. “Ntho ena ha ea ka ea khahlisa Abrahama,” empa e ne e khahlisa Molimo. Jehova o ile a re ho Abrahama: “U se ke ua lumella hore ntho leha e le efe eo Sara a ntseng a u bolella eona e be e sa khahliseng ho uena ka moshanyana le ka lekhabunyane la hao. Mamela lentsoe la hae.” (Gen. 21:8-12) Abrahama o ile a mamela Jehova, a mamela Sara ’me a etsa seo Sara a neng a se kōpile.
18. Abigaile o ile a nka khato efe?
18 Nahana le ka Abigaile, eo e neng e le mosali oa Nabale. Ha Davida a ne a baleha Morena Saule ea neng a le lefufa, o ile a qeta nako a hlomme liahelo haufi le mehlape ea Nabale. Ho e-na le hore a nke eng kapa eng thepeng e ngata ea monna eo oa morui, Davida le banna ba hae ba ile ba sireletsa thepa ea hae. Leha ho le joalo, Nabale “o ne a le thata ebile a le liketso li mpe” ’me o ile a ‘omanya’ Davida le banna ba hae. E ne e le “motho ea se nang molemo” a bile a ‘se na kelello.’ Ha banna ba Davida ba ne ba kōpa lintho tseo ba neng ba li hloka, Nabale o ile a hana. Abigaile o ile a etsa’ng ha a utloa hore na ho ne ho etsahetse’ng? A sa bolella Nabale, o ile a “potlaka ’me a nka mahobe a makholo a mabeli le linkho tse khōlō tse peli tsa veine le linku tse hlano tse lokisitsoeng le litekanyo tse hlano tsa seah tsa lijo-thollo tse halikiloeng le mahobe a lekholo a morara o omisitsoeng le mahobe a makholo a mabeli a lifeiga tse khotliloeng” eaba o li fa Davida le banna ba hae. Na Abigaile o ile a etsa se nepahetseng? Bibele e re: “Jehova a otla Nabale, hoo a ileng a shoa.” Hamorao Davida o ile a nyala Abigaile.—1 Sam. 25:3, 14-19, 23-25, 38-42.
‘Mosali ea Fumanang Thoriso’
19, 20. Ke eng e etsang hore mosali a tšoaneloe ke thoriso e le kannete?
19 Mangolo a babatsa mosali ea etsang lintho ka tsela ea Jehova. Ha buka ea Bibele ea Liproverbia e rorisa “mosali ea nang le bokhoni,” e re: “Bohlokoa ba hae bo feta ba likorale hōle. Pelo ea mong’a hae e mo tšepile, ’me ha ho leruo le haellang. O putsitse mong’a hae ka se molemo, eseng se sebe, ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.” Ho feta moo, “o ahlamisitse molomo oa hae ka bohlale, ’me molao oa mosa o lerato o lelemeng la hae. O lebela se etsahalang ho ba ntlo ea hae, ’me ha a je bohobe ba botsoa. Bara ba hae ba tsohile eaba ba phatlalatsa hore o thabile; mong’a hae oa tsoha, ’me oa mo rorisa.”—Liprov. 31:10-12, 26-28.
20 Ke eng e etsang hore mosali a tšoaneloe ke thoriso e le kannete? Liproverbia 31:30 e re: “Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.” Ho tšaba Jehova ho akarelletsa ho ikokobelletsa tokisetso ea Molimo ea bohlooho ka boithatelo. “Hlooho ea mosali ke monna,” feela joalokaha “hlooho ea monna e mong le e mong [e le] Kreste,” ’me “hlooho ea Kreste ke Molimo.”—1 Bakor. 11:3.
Leboha Mpho e Tsoang ho Molimo
21, 22. (a) Bakreste ba nyalaneng ba na le mabaka afe a ho leboha Molimo ka mpho ea lenyalo? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha litokisetso tsa Jehova mabapi le bolaoli le bohlooho? (Sheba lebokose le leqepheng la 17.)
21 Bakreste ba kopantsoeng ke lenyalo ba na le mabaka a mangata a ho leboha Molimo! Ba ka tsamaea ba tšoarane ka matsoho joaloka banyalani ba thabileng. Haholo-holo ba ka leboha mpho e molemo ea lenyalo eo Molimo a faneng ka eona, hobane e ba fa monyetla oa hore ba kopanye bophelo ba bona ba be ba tsamaee le Jehova. (Ruthe 1:9; Mik. 6:8) Kaha ke eena Moqapi oa lenyalo, o tseba hantle hore na ho hlokahala’ng hore ho be le thabo lenyalong. Kamehla le etse lintho ka tsela ea hae ’me ‘thabo ea Jehova e tla ba qhobosheane ea lōna,’ esita le lefatšeng la kajeno le tletseng likhathatso.—Neh. 8:10.
22 Monna oa Mokreste ea ratang mosali oa hae joalokaha a ithata o tla sebelisa bohlooho ka tsela e lerato le e nahanelang. Mosali oa hae ea tšabang Molimo e tla ba thatohatsi e le kannete, hobane o tla tšehetsa monna oa hae a be a mo bontše tlhompho e tebileng. Ka holim’a tsohle, lenyalo la bona le behang mohlala le tla tlotlisa Molimo oa rōna ea tšoanelang ho rorisoa, Jehova.
-