Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ithute ho Mor’abo Jesu
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2022 | January
    • LULA U IKOKOBELITSE JOALOKA JAKOBO

      Jakobo o ntse a etsa mosebetsi oa mapolanka ha Jesu a ntse a bua le eena ka mor’a hore a tsosoe bafung.

      Jakobo o ile a ikokobetsa ha Jesu a ne a bonahala ho eena ’me hamorao e ile ea e-ba morutuoa oa Kreste ea tšepahalang (Sheba serapa sa 5-7)

       5. Jakobo o ile a etsa’ng ha Jesu a bonahala ho eena ka mor’a ho tsosoa?

      5 Jakobo e ile ea e-ba molateli oa Jesu ea tšepahalang neng? Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile “a bonahala ho Jakobo, ea ntan’o ba ho baapostola bohle.” (1 Bakor. 15:7) Ka mor’a hore ba kopane, Jakobo e ile ea e-ba morutuoa oa hae. O ne a le teng ha baapostola ba emetse moea o halalelang kamoreng e ka holimo Jerusalema. (Lik. 1:13, 14) Hamorao Jakobo o ile a thabela ho sebeletsa e le e mong oa sehlopha se busang mehleng ea baapostola. (Lik. 15:6, 13-22; Bagal. 2:9) Hape pele ho selemo sa 62 mehleng ea baapostola, o ile a susumetsoa hore a ngolle Bakreste ba tlotsitsoeng lengolo. Lengolo leo le re tsoela molemo le kajeno, ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng. (Jak. 1:1) Rahistori oa mehleng ea baapostola Josephus, o ile a re Moprista ea Phahameng oa Mojuda e leng Ananiase mora oa Anase ke eena ea ileng a laela hore Jakobo a bolaoe. Jakobo o ile a lula a tšepahalla Jehova ho fihlela a qeta tšebeletso ea hae mona lefatšeng ha a ne a hlokahala.

  • Ithute ho Mor’abo Jesu
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2022 | January
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela