Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa—1997 | December 1
    • 5. Ho Baefese 5:1 ho bontšoa lebaka lefe la bohlokoa la ho tšoarela ba bang?

      5 Lebaka la bohlokoa la ho tšoarela ba bang le bontšoa ho Baefese 5:1: “Ka hona, le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” Re lokela hore re “be baetsisi ba Molimo” tabeng efe? Poleloana “ka hona” e kopanya polelo ena le temana e e etellang pele, e reng: “Le be mosa e mong ho e mong, le e-na le qenehelo e bonolo, le tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baefese 4:32) E, re lokela ho ba baetsisi ba Molimo tabeng ea tšoarelo. Joalokaha moshanyana e monyenyane a leka ho tšoana hantle le ntate oa hae, rōna, re le bana bao Jehova a ba ratang haholo, re lokela ho batla ho tšoana le Ntate oa rōna oa leholimo ea tšoarelang. E lokela ebe ho thabisa pelo ea Jehova hakaakang ha a sheba a le maholimong ’me a bona bana ba hae ba lefatšeng ba leka ho tšoana le eena ka ho tšoarelana!—Luka 6:35, 36; bapisa le Matheu 5:44-48.

      6. Ke ka tsela efe ho nang le phapang e khōlō pakeng tsa tšoarelo ea Jehova le ea rōna?

      6 Ke ’nete hore le ka mohla re ke ke ra tšoarela ka kutloisiso e phethahetseng joalokaha Jehova a etsa. Empa leo ke lebaka le leng leo ka lona re lokelang ho tšoarelana. Nahana: Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa tšoarelo ea Jehova le ea rōna. (Esaia 55:7-9) Ha re tšoarela ba re sitetsoeng, hangata ke ka ho tseba hore neng-neng re ka ’na ra hloka hore ba re buseletse ka ho re tšoarela. Ho batho, hangata ke taba ea baetsalibe ba tšoarelang baetsalibe. Leha ho le joalo, ho Jehova, kamehla tšoarelo e lebisoa nģa e le ’ngoe. Oa re tšoarela, empa ha ho mohla a tla hloka hore re mo tšoarele. Haeba Jehova, ea sa etseng sebe, a ka re tšoarela ka lerato le ka ho feletseng hakana, na rōna batho ba baetsalibe ha rea lokela ho leka ho tšoarelana?—Matheu 6:12.

  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa—1997 | December 1
    • 11. Ha ba bang ba re siteloa, ke’ng se ka re thusang ho ba tšoarela?

      11 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ba bang ba re siteloa, ba re ntša leqeba le hlokomelehang? Haeba tšito e sa teba haholo, re ka ’na ra se be le bothata bo bokaalo ba ho sebelisa keletso ea Bibele ea ho “tšoarelana ka bolokolohi.” (Baefese 4:32) Ho lula re loketse ho tšoarela ka tsela eo ho tumellanong le mantsoe a Petrose a bululetsoeng: “Ka holimo ho lintho tsohle, le be le lerato le matla haholo e mong ho e mong, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.” (1 Petrose 4:8) Ho hopola hore le rōna re baetsalibe ho re nolofalletsa ho nahanela hore ho na le monyetla oa hore ba bang ba re siteloe. Ha re tšoarela ka tsela eo, re leleka lehloeo ho e-na le ho le hōlisa. Ka lebaka leo, kamano ea rōna le ea re sitetsoeng e ka ’na ea se ke ea senyeha ka ho sa feleng, ’me le rōna re thusa ho boloka khotso ea bohlokoa ea phutheho. (Baroma 14:19) Ka mor’a nako e itseng, re ka ’na ra lebala seo a se entseng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela