Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke’ng se Boleloang ke Boikokobetso Lenyalong?
    Molula-Qhooa—1991 | December 15
    • Boikokobetso bo Lekanyelitsoe

      Bolaoli ba monna holim’a mosali oa hae hase bo felletseng. Ka litsela tse ling boikokobetso ba mosali bo ka bapisoa le boikokobetso ba Mokreste ho ’musi oa lefatše. Molimo o fana ka taelo ea hore Mokreste o tlameha hore a “ikokobelletse balaoli ba phahameng.” (Ba-Roma 13:1, NW) Leha ho le joalo, boikokobetso bona bo tlameha hore ka mehla bo leka-lekanngoe le seo re se kolotang Molimo. Jesu o itse: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Haeba Cesare (’muso oa lefatše) a batla hore re mo fe seo e leng sa Molimo, re hopola seo moapostola Petrose a ileng a se bua: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.

      Ka mokhoa o tšoanang, haeba mosali oa Mokreste a nyetsoe ke monna ea sa utloisiseng kapa ea sa hlompheng melao-motheo ea Bokreste, o ntse a tlameha ho ikokobelletsa eena. Ho e-na le ho hanyetsa tokisetso ena e hlohonolofalitsoeng ke Molimo, o ne a tla be a etsa hantle ha a sebelisana le eena ka lerato le ka ho mo nahanela ’me kahoo a leka ho etsa hore a mo tšepe. Mohlomong boitšoaro bo botle joalo bo ka etsa hore monna a fetohe; ebile bo ka ’na ba mo hulela ’neteng. (1 Petrose 3:1, 2) Haeba monna oa hae a mo laela hore a etse ntho e ’ngoe e haneloang ke Molimo, o lokela ho hopola hore Molimo ke ’Musi oa hae ea ka sehloohong. Ka mohlala, haeba monna a batla hore a kopanele boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, bo kang ho fapanyetsana basali, o tlameha hore a se ke a ikokobetsa. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Boikokobetso ba hae ho monna oa hae bo laoloa ke letsoalo la hae le boikokobetso bo ka sehloohong ho Molimo.

      Nakong ea Morena Davida, Abigaile o ne a nyetsoe ke Nabale, monna ea neng a sa hlomphe melao-motheo ea Molimo le ea ileng a sebetsana le Davida le banna ba hae ka tsela e hlokang mohau le e se nang lerato. Ba ne ba ile ba sireletsa likete tsa linku le lipoli tsa Nabale, empa eitse ha Davida a kōpa monehelo oa lijo, Nabale o ile a hana.

      Ha a hlokomela hore lekhonatha la monna oa hae le ne le tla tlisetsa lelapa tlokotsi, Abigaile ka boeena o ile a etsa qeto ea ho isetsa Davida lijo. “Abigaile a phakisa a nka makholo a mabeli a lipolokoe, le makuka a mabeli a veine, le nku tse hlano tse seng li lokisitsoe, le litekanyo tse hlano tsa liqhome, le lekholo le le leng la merara, le makholo a mabeli a linkhoa tsa lifeiga, a li belesa lieseleng. A re ho bahlanka ba hae: Fetelang pele, ’na ke se ke le sala morao. Empa a se ke a tsebisa monna oa hae Nabale.”—1 Samuele 25:18, 19.

      Na Abigaile o ne a fositse ka ho sebetsa khahlanong le thato ea monna oa hae? Eseng tabeng ena. Boikokobetso ba Abigaile bo ne bo sa hloke hore e be ea se nang lerato joaloka monna oa hae, haholo-holo hobane tsela ea Nabale e booatla e ile ea beha lelapa lohle la hae tsietsing. Kahoo, Davida o ile a re ho eena: “Ho bokoe Jehova, Molimo oa Iseraele, ea u romileng kajeno lena ho tla nkhahlanyetsa! Ho bokoe le kelello ea hao.” (1 Samuele 25:32, 33) Ka mokhoa o tšoanang, basali ba Bakreste kajeno ha baa lokela ho kena-kenana le bohlooho ba banna ba bona, kapa ho bo hanyetsa, empa haeba ba nka tsela eo eseng ea Bokreste, basali ha baa lokela ho ba latela tabeng eo.

      Ke ’nete hore lengolong la hae le eang ho Baefese Pauluse o re: “Joale ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste, basali le bona ba ikokobetse ho banna ba bona joalo nthong tsohle.” (Ba-Efese 5:24) Ho sebelisa ha moapostola poleloana “nthong tsohle” mona ha ho bolele hore boikokobetso ba mosali ha bo na moeli. Polelo ea Pauluse, “joale ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste,” e bontša seo a neng a se nahanne. Lintho tsohle tseo Kreste a laelang phutheho hore e li etse ke tse lokileng, tse lumellanang le thato ea Molimo. Kahoo, phutheho e ka nolofalloa le ho thabela ho ikokobelletsa eena linthong tsohle. Ka mokhoa o tšoanang, mosali oa monna oa Mokreste eo ka botšepehi a lekang ho latela mohlala oa Jesu o tla thabela ho ikokobelletsa eena linthong tsohle. Oa tseba hore o amehile haholo ka lithahasello tsa hae tse molemo, ’me le ka mohla a ke ke a ikemisetsa ho mo kōpa hore a etse ntho e ’ngoe e khahlanong le thato ea Molimo.

      Monna o tla etsa hore mosali oa hae a ’ne a mo rate le ho mo hlompha haeba a bonahatsa litšoaneleho tsa bomolimo tsa hlooho ea hae, Jesu Kreste, ea ileng a laela balateli ba hae hore ba ratane. (Johanne 13:34) Le hoja monna a etsa liphoso a bile a sa phethahala, haeba a sebelisa bolaoli ba hae tumellanong le bohlooho bo phahameng ba Kreste, o etsa hore ho be bonolo haholoanyane bakeng sa mosali oa hae hore a thabele ho ba le eena joaloka hlooho ea hae. (1 Ba-Korinthe 11:3) Haeba mosali a hlaolela litšoaneleho tsa ho ba ea itekanetseng le ea nang le mosa o lerato, ha ho thata hore a ikokobelletse monna oa hae.

  • Ke’ng se Boleloang ke Boikokobetso Lenyalong?
    Molula-Qhooa—1991 | December 15
    • Boikutlo bo joalo bo lokela ho hlaoleloa ka phuthehong. ’Me ka ho khetheha bo lokela ho hlaoleloa pakeng tsa monna le mosali ka lapeng la Bokreste. Monna a ka bontša kameho e bonolo le e mosa ka ho mamela litlhahiso tsa mosali oa hae. O lokela ho nahanela pono ea mosali oa hae pele a etsa liqeto tse amang lelapa. Basali ba Bakreste hase batho ba sa inahaneng. Hangata ba ka fa banna ba bona litlhahiso tse molemo, joalokaha Sara a ile a etsa ho monna oa hae, Abrahama. (Genese 21:12) Ka lehlakoreng le leng, mosali oa Mokreste a ke ke a batla hore monna oa hae a mo etsetse lintho tse ngata tse sa hlokahaleng. O tla bontša mosa oa hae le bonolo ka ho ikokobelletsa ketello-pele ea hae le ho tšehetsa liqeto tsa hae, le hoja ka linako tse ling li ka ’na tsa fapana le seo a se ratang.

      Monna ea lekanyetsang lintho hantle, joaloka moholo ea lekanyetsang lintho hantle, oa atameleha ebile o mosa. ’Me mosali ea nang le lerato o arabela ka ho ba le kutloelo-bohloko le mamello, ka baka la ho hlokomela boiteko boo a bo etsang ho phethahatsa boikarabelo ba hae ho sa tsotellehe ho se phethahale le likhatello tsa bophelo. Haeba monna le mosali ba hlaolela boikutlo bo joalo, boikokobetso lenyalong e ke ke ea e-ba bothata. Ho e-na le hoo, ke mohloli oa thabo, tšireletseho, le khotsofalo e tšoarellang.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela